33 Yare ha bo tla sa, Paulosi a kgothaletsa bohle hore ba je, a re: “Kajeno ke letsatsi la leshome le metso e mene le ntse le lebeletse, le sa je letho;
33 Yare ha bo tla sa, Pauluse a ba kgothatsa kaofela ho ja dijo, a re: Kajeno ke letsatsi la leshome le metso e mene le lebeletse le ntse le itima dijo, le sa je letho.
33 Eitse ha bo esa, Pauluse a ba kopa bohle hore ba je, a re: Kajeno ke letsatsi la leshome le metso e mene le ntse le letile, le ntse le itima dijo, le sa je letho.
33 Eitse ha bo esa, Pauluse a ba kopa bohle hore ba je, a re: Kajeno ke letsatsi la leshome le metso e mene le ntse le letile, le ntse le itima dijo, le sa je letho.
“Tsamaya, o yo phutha Bajuda bohle ba teng mona Shushane. Ka matsatsi a mararo, bosiu le motsheare, le itime dijo ka baka la ka, le se ke la ba la ja letho, kapa la nwa letho. Le rona le makgabunyane a ka re tla itima dijo ka mokgwa o jwalo. Jwale ke hona ke tla ya ho kgosi, le hoja e tla be e se ka molao. Haeba ke eshwa, ke tla shwa.”
Jesu a bitsa barutuwa ba hae, a re ho bona: “Ke utlwela batho bana bohloko, kahobane ba bile le nna matsatsi a mararo, mme ha ba na letho leo ba ka le jang. Ha ke lakatse ho ba qhala ba eso je, esere mohlomong ba fellwa ke matla tseleng.”
Erekaha ba ne ba qetile nako e telele ba sa je, Paulosi a ema hara bona, a re: “Banna, hojane le kile la mmamela, la se ke la tloha Kerete, le ka be le sa hlahelwa ke kotsi le tahlehelo ena.