Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 27:13 - BIBELE

13 Yare ha moya wa borwa o foka butle, mme ba hopola hore ba fihletse morero wa bona, yaba ba kgokgotholla sekepe, ba tsamaya ba sikile le lebopo, haufi le Kerete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jwale, moya wa borwa ha o qala ho foka butle, ba lekanya hobane ba se ba bone seo ba se pheheletseng, mme ba tloha, ba sika le Kreta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Eitse hobane moya wa borwa o foke butle, ba lekanya hore ba fihletse morero wa bona, ba tloha teng, ba tsamaya haufi le Kreta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Eitse hobane moya wa borwa o foke butle, ba lekanya hore ba fihletse morero wa bona, ba tloha teng, ba tsamaya haufi le Kreta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 27:13
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na o tseba hore aparo di futhumatsa jwang ha moya o hlaha borwa, naha e jele boya?


Hodimo sebakeng a fokisa moya, a fokisa moya wa botjhabela, ka matla a hae a tlisa moya wa borwa;


Tsoha wena moya wa leboya, ako tle le wena moya wa borwa! Puputlelang ka serapeng sa ka, menkwane ya sona e phatlallele hohle, moratuwa a ke a tle ka rapeng sa hae, a je tholwana tse monate ka ho fetisa!


Ha ho foka moya wa borwa, le ye le re: ‘Ho tla tjhesa,’ mme ho be jwalo.


re le Bajuda le basokolohi, Bakerete le Maarabia, re ba utlwa ba bolela mesebetsi e meholo ya Modimo ka dipuo tsa habo rona!”


Kaha kou ya dikepe e ne e sa lokela ho emisa dikepe nakong ya mariha, ba bangata ba dumellana ka hore ho tlohuwe moo, ka tshepo ya ho ya finyella le ho qeta mariha Foinikese, e leng kou ya Kerete e tobaneng le borwa-bophirima le leboya-bophirima.


Erekaha ba ne ba qetile nako e telele ba sa je, Paulosi a ema hara bona, a re: “Banna, hojane le kile la mmamela, la se ke la tloha Kerete, le ka be le sa hlahelwa ke kotsi le tahlehelo ena.


Ra tsamaya ka bothata, re sikile le lebopo, ra ya fihla sebakeng se bitswang Kou tse Ntle, se haufi le motse wa Lasia.


E mong wa bona, eo e leng moporofeta wa bona, o ile a re: “Bakerete ke mahata kamehla, ke dibatana tse kgopo, ke menyollo e botswa.”


Ke o siile Kerete ho qetela ho hlophisa tse saletseng, le ho bea baholo motseng o mong le o mong, ho ya kamoo ke o laetseng kateng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ