Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 26:7 - BIBELE

7 Meloko ya rona e leshome le metso e mmedi, ha e ntse e pheella ho sebeletsa Modimo motsheare le bosiu, e tshepile hore tshepiso eo e tla phethahatswa, mme ke ka baka la yona tshepiso eo, kgosi, ke qoswang ke Bajuda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 eo meloko ya rona e leshome le metso e mmedi e lebeletseng ho etsahala ha yona, e ntse e sebeletsa Modimo, bosiu le motshehare; ke ka baka la tshepo eo, morena Agripa, ke qoswang ke Bajuda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 E leng seo meloko ya rona e leshome le metso e mmedi e tshepileng ho tla ho yona, ha ba ntse ba sebeletsa Modimo bosiu le motsheare. Ke ka baka la tshepo eo, morena Agripa, ke qoswang ke Bajuda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 E leng seo meloko ya rona e leshome le metso e mmedi e tshepileng ho tla ho yona, ha ba ntse ba sebeletsa Modimo bosiu le motsheare. Ke ka baka la tshepo eo, morena Agripa, ke qoswang ke Bajuda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 26:7
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moketeng ona wa ho kgakola Tempele ya Modimo, ba ile ba nyehela ka dipohwana tse lekgolo, le ka dipheleu tse makgolo a mabedi, le ka dikonyana tse makgolo a mane. Bakeng sa nyehelo e tlosang sebe sa Baiseraele bohle, ba nyehela ka diphooko tse leshome le metso e mmedi, ho latela palo ya merabe ya Iseraele.


Bao e neng e le bathopuwa ba etsetsa Modimo wa Iseraele dinyehelo tsa setjheso ka dipohwana tse leshome le metso e mmedi, le ka dipheleu tse mashome a robong a metso e tsheletseng, le ka dikonyana tse mashome a supileng a metso e supileng, e le nyehelo ya Baiseraele bohle. Ba etsa le nyehelo ya sebe ka diphooko tse leshome le metso e mmedi. Tsena tsohle e ne e le nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena.


ba emang ka Tlung ya Morena, mabaleng a Ntlo ya Modimo, Ntlo ya Modimo wa rona.


Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella, mohla tsohle di ntjhafatswang, ha Mora Motho a dutse teroneng e tlotlehang ya hae, le lona ba ntatetseng le tla dula diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


Jwale ho ne ho ena le monna Jerusalema ya bitswang Simeone. Monna eo o ne a lokile, a hlompha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele, mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena.


hore le je, le nwe tafoleng ya ka Mmusong wa ka. Le tla dula diteroneng le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.”


Ka baka leo, fadimehang, le nne le hopole hore, ka lemo tse tharo, ha ke a ka ka phetsa ho eletsa e mong le e mong ka meokgo motsheare le bosiu.


Hape ke na le tshepo eo le bona ba nang le yona ho Modimo, ya hore ba lokileng le ba kgopo ba tla tsoha bafung.


“Kgosi Ageripa, ke iphumana ke le lehlohonolo ha e le mona kajeno ke tla ikarabella kapele ho wena, hodima tseo ke qoswang ka tsona ke Bajuda;


haholo ha o bile o le setsebi sa meetlo yohle le dikgang tsohle tsa Bajuda. Ke ka hona ke kopang hore o be pelonolo ho mmamela.


Ka baka lena he, ke le bitsitse ho le bona le ho buisana le lona, hobane ke ka baka la tshepo ya Iseraele ke tlamilweng ka mahlaahlela ana.”


ka tshepo ya hore ke tla tsoswa bafung ho iswa bophelong.


Bosiu le motsheare re rapela re tiile hore re tle re le bone, mme re tlatsetse moo tumelo ya lona e haellang teng.


Athe mohlolohadi ya se nang le moneketsela, ya setseng a nnotsi, o tshepile Modimo feela, o tiisetsa ho mo kopa le ho mo rapela bosiu le motsheare.


Nna Jakobo, mohlanka wa Modimo le wa Morena Jesu Kreste, ke dumedisa ba meloko e leshome le metso e mmedi, e qhalakaneng hohlehohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ