Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 26:29 - BIBELE

29 Paulosi a re: “Leha e ka ba habonolo kapa hathata, ke rapela Modimo hore e se be wena feela, empa le bohle ba nkutlwang kajeno ba be seo ke leng sona, re fapane feela ka mahlaahlela ana.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Pauluse a re: Hoja Modimo o ka etsa, kapa haufi, kapa kgale, hore, e seng wena feela, empa le bohle ba mmamelang kajeno, le be jwaloka nna, feela e seng ka ditlamo tsena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

29 Pauluse a re: Ke rapela Modimo hore e se be wena feela, empa le bohle ba nkutlwang kajeno, ba be jwaloka nna, haese ditlamo tsena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Pauluse a re: Ke rapela Modimo hore e se be wena feela, empa le bohle ba nkutlwang kajeno, ba be jwaloka nna, haese ditlamo tsena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 26:29
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi ya sisimoloha moya haholo, yaba e nyolohela ka kamoreng e hahilweng hodima lerako la kgoro e kenang ka motseng, e ya llela teng. Ha e ntse e lla ya nna ya re: “Jo! ngwanaka Abosalome! Ngwanaka, ngwanaka Abosalome! Hoja ebe ho shwele nna bakeng sa hao! Jo! Abosalome, ngwanaka, ngwanaka!”


Morwetsanyana a re ho mofumahadi wa hae: “Ha monga ka a ne a ka ya ho moporofeta ya phelang Samaria, o ne a tla mo fodisa lepera lena la hae.”


Bana ba Iseraele ba re ho bona: “Hoja Morena o hlile a re bolaela naheng ya Egepeta, moo re neng re ituletse pela dipitsa tsa nama, moo re neng re itjella bohobe, re kgora, hobane jwale le re tlisitse lehwatateng lena, hore setjhaba sena sohle se tlo shwela mona ke tlala.”


Empa haeba le ke ke la mamela, ke tla llela boikgohomoso ba lona sephiring, mahlo a ka a keleketle dikeledi, hobane mohlape wa Morena o tla bo thopilwe.


Jeremia a re ho kgosi: “Ba ke ke ba neelana ka wena. Ke a o kopa hle: Hlompha lentswe la Morena, leo ke o bolellang lona, e le hore o tle o atlehe, mme o phele.


Empa Moshe a re ho yena: “Na o ntjhwela mona? Eka batho bohle ba Morena e ka be e le baporofeta, Morena a theolele Moya wa hae hodima bona.”


nna ha ke amohele bopaki ba motho, empa ke bolela tsena hore le pholoswe.


Bosiung boo Heroda a neng a tla tsoha a mo hlahisa ho setjhaba ka bona, Petrose o ne a robetse pakeng tsa bahlabani ba babedi, a tlamilwe ka mahlaahlela a mabedi, mme balebedi ba lebetse monyako wa tjhankana.


Yaba molaodi wa ba sekete o a atamela, o tshwara Paulosi, o laela hore a tlangwe ka mahlaahlela a mabedi, a nto botsa hore na ke mang, mme o entseng.


Ha ba qetile matsatsi a mangata ba le moo, Fesetose a bolella kgosi ditaba tse amanang le Paulosi, a re: “Ho na le monna e mong eo Felekise a mo siileng e le motshwaruwa.


Bana beso, takatso ya pelo ya ka, le thapelo eo ke ba rapellang ka yona ho Modimo, ke hore ba pholoswe.


Le se le ena le tsohle! Le se le ruile! Le renne le le bang! Hoja le fela le rena, le rona re tle re rene le lona!


Ke ne nka rata ha batho bohle ba eba jwaloka nna, empa motho e mong le e mong o na le neo ya hae e tswang ho Modimo, e mong ka mokgwa ona, e mong ka mokgwa wane.


Hoja la ka la mamella bothotonyana ba ka! Etsang jwalo hle!


Leha ke le ditlamong, ke ntse ke le leqosa la wona. Nthapelleng hore ke tle ke bue ka molaetsa ona ka sebete, jwalokaha ke tlamehile.


Ke yena eo re phatlalatsang tsa hae. Re ntse re lemosa batho bohle, mme re ba ruta bohlale bohle, hore re tle re ba hlahise e le ba phethehileng ho Kreste Jesu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ