Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 26:24 - BIBELE

24 Yare a sa ntsane a ikarabella, Fesetose a bua ka lentswe le phahameng, a re: “O a lora, Paulosi! Tsebohadi ena ya hao e a o hlantsha!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 A re a sa ikarabela ka taba tseo, Festuse a phahamisa lentswe, a re ho yena: O a hlanya, Pauluse, tsebo e kgolo ya hao e o fetohetse bohlanya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Eitse ha a ipolella tsena, Festuse a phahamisa lentswe, a re: Pauluse, o a hlanya; thuto e ngata ea o hlanyetsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Eitse ha a ipolella tsena, Festuse a phahamisa lentswe, a re: Pauluse, o a hlanya; thuto e ngata ea o hlanyetsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 26:24
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Jehu a tswa, a ya ho bahlanka ba monga hae. E mong a re ho yena: “Molato keng? Lehlanya lee le tlile ho wena ka dife?” Jehu a re ho bona: “Le ntse le mo tseba, le dipuo tsa hae le a di tseba.”


Morena o o entse moprista bakeng sa moprista Jehoyada, hore o be molebedi wa Tempele ya Morena, e le hore motho e mong le e mong ya itlhantshang ka ho iketsa moporofeta, o mo kenye tjhankaneng, o mo tlame ka mahlaahlela maotong le molaleng.


A se a fihlile matsatsi a kahlolo! A se a fihlile matsatsi a phetetso! Sena Iseraele o tla se tseba! Le re: “Moporofeta enwa ke sethoto! Ya susumetswang ke moya yena ke lehlanya!” Hoba bokgopo ba lona bo totile, le bora ba lona bo totile hakaalo!


Ha ba habo ba utlwa hona, ba ya ho ya mo tshwara, hobane ba ne ba re ha a sa nka hantle.


Bajuda ba makala, ba re: “O tseba tsa thuto jwang, a sa ithuta?”


Bajuda ba mo araba, ba re: “Na ha re nepe ha re re, o Mosamaria, mme o na le modemona?”


Bajuda ba re ho yena: “Jwale re a tseba hore o na le modemona. Aborahama o shwele, le baporofeta ba shwele, empa o re: ‘Ha motho a boloka lentswe la ka, ha a ka ke a shwa le ka mohla.’


Yare ha ba utlwa tsa tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: “Re sa tla o utlwa hape ka taba ena.”


“Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang boikarabello ba ka ho lona.”


Yare ha a ntse a bua ka ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tlang, Felekise a tshoha, a re: “Hajwale o ka tsamaya; ke tla o bitsa hamorao, ha ke ena le nako.”


Kamora dilemo tse pedi Felekise a hlahlangwa ke Porokiose Fesetose, mme ka ho rata ho kgahlisa Bajuda, Felekise a siya Paulosi ditlamong.


Hangata, ka ho ba otla ka matlung wohle a thapelo, ka leka ho ba tlamella hore ba nyefole. Kaha ke ne ke ba halefetse ka ho fetisisa, ka ba hlorisa ho ya fihla le metseng e ka mathoko.”


ha e le rona, re phatlalatsa tsa Kreste ya thakgisitsweng sefapanong, e leng kgopiso ho Bajuda le bothoto ho baditjhaba.


Rona re dithoto ka baka la Kreste, empa lona le bohlale ka ho ba ho Kreste. Rona re a fokola, empa lona le matla. Lona le a hlomphuwa, empa rona re a hlomphollwa.


Haeba re sa nke hantle ke ka baka la Modimo; haeba re nka hantle, ke ka baka la lona.


Ho tloha bonyenyaneng ba hao o tsebile Mangolo a Halalelang, a nang le matla a ho o hlalefisa, o tle o pholoswe ka ho dumela ho Kreste Jesu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ