Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 26:23 - BIBELE

23 e leng hore Mesia o tla hlokofatswa, e be wa pele ho tsoha bafung, a tle a bontshe setjhaba sa Bajuda le baditjhaba lesedi.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 kamoo ho itsweng kateng, Kreste o tla bolawa, e be yena ya tsohang pele bafung, a tle a bolele lesedi ho setjhaba sena le ho ditjhaba tse ding.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 hore Kreste o ne a tla utloa bohloko, le hore e be eena oa pele ea tla tsoha bafung, a tle a senolele batho le lichaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Hore Kreste o ne a tla utloa bohloko, le hore e be eena oa pele ea tla tsoha bafung, a tle a senolele batho le lichaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 26:23
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla hlahisa bora pakeng tsa hao le mosadi, le pakeng tsa madinyane a hao le bana ba hae. Bana ba hae ba tla kgoba hlooho ya hao; wena o tla ba loma serethe.”


“Nna Morena, ke o bitsitse hobane ke lokile; ke tla o utlwa ka letsoho, ke o boloke, ka wena ke etse selekane le baditjhaba, ka wena ke tlisetse baditjhaba lesedi.


Jwale Morena o re: “Ke nthwana e fokolang hore o be mohlanka wa ka, o kgutlise merabe ya Jakobo, o kgutlise bana ba Iseraele bao ke ba babaletseng. Ke tla o etsa lesedi ho baditjhaba, o tlo fihlise ho pholosa ha ka pheletsong tsa lefatshe.”


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


“Tsoha, wena sabole, o lwantshe modisa wa ka, o lwantshe yena ya haufi le nna!” ho rialo Morena wa mabotho. “Otla modisa, dinku di tle di qhalane; nna ke tla otla le dikonyana.


Ha e le Mora Motho, o ikela jwalokaha ho ngotswe ka yena, empa ho madimabe motho eo Mora Motho a tla ekwa ke yena. Ho ka be ho bile molemo ho yena hoja a se ke a tswalwa.”


ba tswa mabitleng kamora tsoho ya Jesu, ba kena motseng o halalelang, ba bonwa ke ba bangata.


lesedi le bonesetsang baditjhaba le tlotla ya setjhaba sa hao sa Iseraele.”


Na Kreste o ne a sa tlameha ho hlokofatswa tjee, a nto kena tlotleng ya hae?”


A re ho bona: “Ho ngotswe jwalo hore eka kgona Kreste a hlokofatswe, a tsohe bafung ka tsatsi la boraro,


Ha ho ya nkamohang bona, empa ke bo tela ka ho rata. Ke na le tokelo ya ho bo tela, ke na le tokelo ya ho bo fumana hape; taelo ena ke e amohetse ho Ntate.”


Jesu a re ho yena: “Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna leha a ka shwa o tla phela.


“le hore Modimo o mo tsositse bafung, hore a se ke a hlola a boela ho boleng, ke seo a se boletseng ha a re: “ ‘Ke tla le nea mahlohonolo a halalelang a sebele, a tiisitsweng a Davida.’


O tla ba tutubolla, ba tswe lefifing ba ye leseding; ba tswe matleng a Satane, ba ineele ho Modimo, mme ka ho dumela ho nna ba tle ba fumane tshwarelo ya dibe tsa bona, ba be le kabelo hara ba halaleditsweng!”


Ke ka baka lang lona le lekanyang hore ke ntho e ke keng ya dumelwa ya hore Modimo a ka tsosa bafu na?


Empa tseo Modimo a di boletseng e sa le pele, ka melomo ya baporofeta bohle, hore Mesia wa hae o tla hlokofatswa, o di phethahaditse ka wona mokgwa ona.


“Le baporofeta bohle, ho qala ka Samuele le ba mo hlahlamileng, bohle ba buileng, le bona ba boletse matsatsi ana.


Pele ho tsohle, ke le neile seo nna ke se amohetseng, e leng hore Kreste o shwele ka baka la dibe tsa rona, ho ya kamoo Mangolo a bolelang kateng,


e leng ba sa dumelang, bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa bona hore ba se ke ba bona lesedi la molaetsa o molemo wa tlotla ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.


Hape ke yena hlooho ya mmele, e leng kereke. Ke yena qaleho, ke yena wa pele ya tsohileng bafung, e le hore, dinthong tsohle, e tle e be yena wa pele.


Ho ne ho tshwanela hore Modimo, yena eo dintho tsohle di tswang ho yena, mme di leng teng ka yena, ya neng a tla isa bana ba hae ba bangata tlotleng, a etse hore pulamadiboho e ba pholosang, e phethehe ka ho hlokofatswa.


le ke Jesu Kreste, eo e leng yena paki e tshepahalang, wa pele ya tsohileng bafung, le mmusi wa dikgosi tsohle tsa lefatshe. Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe ka madi a hae,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ