Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 26:20 - BIBELE

20 Empa ke qadile pele ka ba leng Damaseka le Jerusalema, le ba naheng yohle ya Judea, hamorao ka ya ho baditjhaba, ka ba phatlalletsa hore ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba etse mesebetsi e lokelang pako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 empa ka qala ho bolella ba Damaseka, le ba Jerusalema, le ba Judea bohle, ka ntoo bolella ditjhaba tse ding, hore bohle ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba ntse ba etsa mesebetsi e tshwanelang pako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Empa ke ile ka qala ka ho bolella ba Damaseka, le ba Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ho baditjhaba, hore ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba etse mesebetsi e tshwanelang pako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Empa ke ile ka qala ka ho bolella ba Damaseka, le ba Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ho baditjhaba, hore ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba etse mesebetsi e tshwanelang pako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 26:20
56 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba eisehang ba tla ja, ba kgore, ba batlang Morena ba tla mo rorisa; pelo tsa bona di ke di thabe kamehla.


ya kgopo a furalle ditsela tsa hae, molotsana a furalle mehopolo ya hae, a sokolohele ho Morena wa hae, mme Morena o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane yena o tshwarela haholo.


“Ka baka leo, tsamaya, o yo bua le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: ‘Morena o bua tjena: Bonang mona! Ke ntse ke le ralla bobe, ke lokisa morero wa ho le otla. Motho ka mong a kgelohe tsela ya hae e kgopo, a tsamaye tseleng e lokileng, diketso tsa hae di be ntle.’


Hape, ka makgetlokgetlo, ke le rometse bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka re ba re ho lona: “Motho ka mong a ke a kgutle tseleng ya hae e kgopo, le fetole mekgwa ya lona, le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, mme le tla phela naheng eo ke e neileng lona le bo-ntata lona.” Empa ha le a ka la sekeha ditsebe tsa lona, leha e le ho mmamela.


A re hlahlobeng tsela tsa rona, re di lekole, ebe re boela re kgutlela ho Morena.


Wena, kgutlela ho Modimo wa hao, o be le lerato, o be le toka, o tshepe Modimo wa hao, o mo tshepe kamehla yohle.


Itokisetseng tseo le tla di bua, le kgutlele ho Morena, le re ho yena: “Ako re tshwarele bokgopo bohle ba rona, mme thapedi ya rona o e amohele. Bakeng sa ho nyehela ka mahlabelo a dipohwana, re tla o boka ka melomo ya rona.


a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”


Ho tloha nakong eo, Jesu a qala ho ruta, a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”


Eyang, le ithute hore na ke ho reng ha ho thwe: ‘Ke thabela mohau, e seng sehlabelo.’ Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.”


O tla sokollela ba bangata ba bana ba Iseraele ho Morena Modimo wa bona.


Tjhe, empa ke a le bolella, haeba le sa bake, le tla timela jwalo bohle.


Tjhe, empa ke a le bolella, haeba le sa bake, le tla timela jwalo bohle.”


Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.”


Ke a le bolella hore ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e tla ba teng lehodimong, e fetang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robong a metso e robong ba sa hlokeng pako.”


Yare ha ba utlwa tsena, ba thola. Jwale ba tlotlisa Modimo, ba re: “Efela le baditjhaba Modimo o ba neile pako e isang bophelong.”


“Ka baka leo, nna ke hopola hore eka kgona ho se ke ha kgathatswa ba sokolohelang ho Modimo ba etswa ho baditjhaba.


Modimo o itebaditse dinako tsa ho se tsebe ha batho, empa jwale o laela hore kahohle batho bohle ba bake,


Petrose a re ho bona: “Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste, le tle le tshwarelwe dibe tsa lona, mme le tla amohela mpho ya Moya o Halalelang.


ke ntse ke qophella Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo le ho dumela ho Morena wa rona Jesu.


Ke tla o namolela ho Bajuda le ho baditjhaba, bao nna ke o romang ho bona.


“Ke ka hona, kgosi Ageripa, ke sa kang ka hana ho mamela pono eo ya lehodimo.


Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,


Empa Morena a re ho yena: “Eya, hobane monna eo ke mohlanka eo ke mo kgethileng ho tsebisa baditjhaba, le dikgosi, le bana ba Iseraele lebitso la ka.


Baahi bohle ba Lida le Sarone ba mmona, mme ba sokolohela ho Morena.


Kapa o nyedisa boholo ba mosa wa hae, le ba boiphapanyo ba hae, le ba mamello ya hae, hobane o sa tsebe hore mosa wa Modimo o o isa pakong?


athe kamehla ha motho a sokolohela ho Morena, lesira leo le a tloswa.


Ho swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang ho hlahisa pako e se nang boikwahlayo, e isang pholohong; athe ho swaba ka mokgwa oo lefatshe le o ratang ho tlisa lefu.


Ka lebitso la Morena ke le bolella sena, mme ke a se tiisa, ke re: Le se hlole le phela jwaloka bahedene, ba tsamaiswang ke maikutlo a bona a lefeela.


Bohle ba boledisa kamoo lona le re amohetseng hantle kateng, le kamoo le ileng la sokolohela ho Modimo kateng. Le ile la lahla medimo ya bohata, e le hore le tle le sebeletse Modimo ya phelang, wa nnete,


Ba nyefola Modimo wa lehodimo ka baka la mahloko le diso tsa bona, empa ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona.


Ke mo file nako ya hore a bake, empa o hana ho bakela bohlola ba hae.


Hopola he, hore na o wele ha o le hokae; o bake, mme o boele o phethe mesebetsi ya hao ya pele. Ho seng jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose sedulwana sa lebone la hao tulong ya sona, haeba o sa bake.


Hopola he, kamoo o ileng wa amohela seo o se utlwileng kateng; se boloke, mme o bake. Haeba o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ