Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 26:19 - BIBELE

19 “Ke ka hona, kgosi Ageripa, ke sa kang ka hana ho mamela pono eo ya lehodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Jwale, wena morena Agripa, ha ke a ka ka hana pontsho eo ya lehodimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Ka baka leo, Morena Agripa, ha ke a ka ka hana ho utlwa pono eo ya lehodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Ka baka leo, Morena Agripa, ha ke a ka ka hana ho utlwa pono eo ya lehodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 26:19
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena Modimo o nthibolotse ditsebe, ha ke a ka ka hanyetsa, kapa ka tjhetjha ka santhao.


Yaba ke utlwa lentswe la Morena le re: “Ke tla roma mang? Ke mang ya tla ya bakeng sa rona?” Yaba ke re: “Ke nna enwa! Nthome!”


Ha ke re: “Ha ke sa tla hlola ke bua ka Morena, ha ke sa tla hlola ke bolela bitso la hae,” ka pelong ya ka ntswe la hae ke malakabe, ke mollo o tukang kahara masapo a ka, ke se ke kgathetse ke ho hlola ke o bipile, ho o mamella le hona ho a ntshita.


Ka etsa jwalokaha ke laetswe. Ka ntsha thoto ya ka letsatsi le ntse le tjhabile, jwaloka thoto ya ya yang bothopuweng. Mantsiboya ka phunya lesoba leboteng ka matsoho a ka. Ha shwalane e tshwara ka ntsha thoto ya ka, ka e jara mahetleng, moo ba ntseng ba ntjhebile.


Jwale Moya wa mphahamisa, wa nkuka wa ya le nna, ka tsamaya ke utlwile bohloko, ke halefile, mme matla a tswang ho Morena a ntsukutla haholo.


Empa Jonase a tsamaya, a balehela Tarashishe hore a be hole le Morena. A theohela Jopo, moo a fumaneng sekepe se lebang Tarashishe. Hoba a lefelle leeto, a kena ka sekepeng, hore a tle a ye Tarashishe mmoho le basesisi ba sona, hole le Morena.


O tla ba tutubolla, ba tswe lefifing ba ye leseding; ba tswe matleng a Satane, ba ineele ho Modimo, mme ka ho dumela ho nna ba tle ba fumane tshwarelo ya dibe tsa bona, ba be le kabelo hara ba halaleditsweng!”


“Kgosi Ageripa, ke iphumana ke le lehlohonolo ha e le mona kajeno ke tla ikarabella kapele ho wena, hodima tseo ke qoswang ka tsona ke Bajuda;


Empa ke qadile pele ka ba leng Damaseka le Jerusalema, le ba naheng yohle ya Judea, hamorao ka ya ho baditjhaba, ka ba phatlalletsa hore ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba etse mesebetsi e lokelang pako.


ke ho ntshenolela Mora wa hae, hore ke tle ke bolele molaetsa o molemo wa hae hara baditjhaba, ka se ke ka batla keletso ho motho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ