Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 26:11 - BIBELE

11 Hangata, ka ho ba otla ka matlung wohle a thapelo, ka leka ho ba tlamella hore ba nyefole. Kaha ke ne ke ba halefetse ka ho fetisisa, ka ba hlorisa ho ya fihla le metseng e ka mathoko.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Masinagogeng wohle hangata ka ba tsohela matla, ka ba otla, ka ba qophella hore ba nyefole; mme kahobane ke ne ke ba halefetse haholoholo, ka ba hlorisa le ho isa metseng ya ditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Mme ka ba otla hangata sinagogeng e nngwe le e nngwe, ka ba qobella ho nyefola; mme erekaha ke ne ke ba halefetse ka ho fetisisa, ka ba hlorisa ho isa metseng ya ditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Mme ka ba otla hangata sinagogeng e nngwe le e nngwe, ka ba qobella ho nyefola; mme erekaha ke ne ke ba halefetse ka ho fetisisa, ka ba hlorisa ho isa metseng ya ditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 26:11
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke a hlobaela, mme ke a fehelwa, ke ka nonyana e dutseng e inotshi, e dutseng hodima sehlohlolo.


Bona ke bona bobe bo teng dinthong tsohle tse etsahalang mona lefatsheng. Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang. Dipelo tsa batho di tletse bokgopo, di bile di na le bohlanya ha batho bao ba sa ntsane ba phela, mme hamorao ba balellwa le bafu.


Hlokomelang batho, hobane ba tla neelana ka lona makgotleng, ba le shape matlung a bona a thapelo.


“Ha e le lona, hlokomelang! Ba tla neelana ka lona makgotleng, le tla shapuwa matlung a thapelo, le emiswe kapela babusisi le mahosi ka baka la ka, e be bopaki ho bona.


“Kannete ke le bolella hore bana ba batho ba tla tshwarelwa dibe tsohle le dinyefolo tsohle tseo ba di buang,


“Eitse hoba a ikelellwe, a re: ‘Bahiruwa ba bangata hakaakang ba ntate ba jang ba be ba di shebe feela, empa nna mona ke bolawa ke tlala.


“Empa pele ho tseo tsohle ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba neelane ka lona matlung a thapelo le ditjhankaneng, ba le ise pela mahosi le babusisi ka baka la lebitso la ka.


Empa bona ba tlalwa ke kgalefo, ba buisana ka seo ba ka se etsang Jesu.


Empa Bajuda ha ba bona matshwele, ba kenwa ke mona, ba hanyetsa tse builweng ke Paulosi, ba mo nyefola.


Empa yare ha ba mo hanyetsa, ba mo nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: “Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; nna ha ke na molato. Ho tloha jwale ke tla ya ho baditjhaba.”


“Ka re: ‘Morena, ba a tseba hore ba dumelang ho wena ke ne ke ba hlahlela tjhankaneng, ke ba shapela ka matlung a thapelo.


Le Moprista e Moholo le lekgotla lohle la baholo ba ka mpaka. Ba ile ba mpha mangolo a ngoletsweng Bajuda baheso ba Damaseka. Ka ya teng hore ke tlise ba Tsela ena Jerusalema ba tlamilwe, hore ba tle ba otlwe.”


Saule, a sa ntse a pipitlellane ke moya wa ho sokela le wa ho bolaya barutuwa ba Morena, a ya ho Moprista e Moholo.


Na hase bona ba nyefolang lebitso le letle la Kreste, leo le bitswang ka lona?


empa o ile a kgalemellwa phoso ya hae, ha tonki, ntho e sa tsebeng ho bua, e bua jwaloka motho, mme e thibela bohlanya ba moporofeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ