Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 26:10 - BIBELE

10 Ka fela ka di etsa Jerusalema. Ka matla ao ke a neilweng ke baprista ba baholo, ka kwalla ba bangata ba badumedi ditjhankaneng. Leha ba ne ba bolawa, ke ne ke ananela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ka fela ka etsa jwalo Jerusalema, ka kwalla bahalaledi ba bangata teronkong, ka matla ao ke neng ke a neilwe ke baprista ba baholo; le mohla ba neng ba bolawa, le nna ke ne ke dumela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Ke sona seo ke ileng ka se etsa Jerusalema; mme ha ba ne ba bolawa, ke ne ke ntsha lentswe la ka kgahlano le bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Ke sona seo ke ileng ka se etsa Jerusalema; mme ha ba ne ba bolawa, ke ne ke ntsha lentswe la ka kgahlano le bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 26:10
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha e le medimo ya bohata e lefatsheng, ba kgahlwang ke yona ba rohakehile.


Ba mo kgarameletsa kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe. Dipaki tsa bea diaparo tsa tsona maotong a mohlankana ya bitswang Saule.


Saule o ne a dumellana le polao ya Setefane. Ka tsatsi lona leo tlhoriso e kgolo ya hlahela kereke e Jerusalema, mme bohle, haese baapostola feela, ba qhalanela dinaheng tsa Judea le Samaria.


Empa Saule yena a ripitla kereke, a kena ka tlung e nngwe le e nngwe, a hulanya banna le basadi, a ba hlahlela tjhankaneng.


Bohle ba mo utlwang ba makala, ba re: “Na eo hase yena ya ileng a fedisa bohle ba rapelang Jesu, Jerusalema, ya bileng a tlileng moo ka hona hoo, hore a ba tlame, a ba ise ho baprista ba baholo na?”


Yare hoba Saule a fihle Jerusalema, a leka ho ikopanya le barutuwa, empa bohle ba ne ba mo tshaba, ba sa dumele hore ke morutuwa.


Petrose o ne a tsamaya hohle, mme ka mohlomong a theoha ho ya bona le badumedi ba ahileng Lida.


Petrose a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa; yare hoba a bitse badumedi le bahlolohadi, a mo hlahisa ho bona a phela.


Ho baapostola ke nna e monyenyane, ho bile ho a roneha hore ke bitswe moapostola, hobane ke ile ka hlorisa kereke ya Modimo.


Efela le utlwile tsa metsamao ya ka ya mehleng e fetileng, ke sa le wa tumelo ya Sejuda, le kamoo ke nnileng ka hlorisa Kereke ya Modimo hampe kateng, ke leka ho e fedisa.


Nna Paulosi, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, ke dumedisa badumedi ba leng Efese, ba tshepahalang ho Kreste Jesu, ke re:


Ka bona mosadi eo a tahilwe ke madi a bahalaledi le ke madi a dipaki tsa Jesu. Eitse ha ke mmona, ka hlollwa haholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ