Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 25:7 - BIBELE

7 Ha a fihlile, Bajuda ba neng ba theoha Jerusalema ba mo teela hare, ba mo qosa ka diqoso tse ngata, tse boima, empa tseo ba neng ba sitwa ho di pakahatsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ha a fihlile, Bajuda ba theohileng Jerusalema ba mo teela hare, ba ntse ba etselletsa Pauluse ka melato e mengata, e meholo, eo ba sitwang ho tiisa nnete ya yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 Eitse ha a fihla, Bajuda ba theohileng Jerusalema ba mo teela hare, ba qosa Pauluse diqoso tse ngata, tse boima, tseo ba sitilweng ho di tiisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Eitse ha a fihla, Bajuda ba theohileng Jerusalema ba mo teela hare, ba qosa Pauluse diqoso tse ngata, tse boima, tseo ba sitilweng ho di tiisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 25:7
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

e tle e fuputse dibukeng tsa diketsahalo tsa baholoholo ba yona. Etlare ha o ntse o fuputsa, o tla fumana hore motse ona ke wa mahlabaphiyo, o kotsi ho dikgosi le dinaha tsa tsona, le hore ka nako e fetileng motse ona o ile wa tsosa setsokotsane sa bohlabaphiyo, mme ke ka baka leo o ileng wa timetswa.


Yaba Hamane o re ho kgosi Ahashuerushe: “Dinaheng tsohle tsa mmuso wa hao, ho na le setjhaba se itseng, se hasahasaneng hara ditjhaba tsohle tse mmusong wa hao. Melao ya setjhaba seo e fapane le ya ditjhaba tsohle tse ding, mme setjhaba seo ha se boloke melao ya kgosi. Ka baka lena, kgosi e ke ke ya fumana molemo wa letho ka ho tlohela setjhaba seo.


Se tlohele dira tsa ka ho etsa borata ka nna, hobane paki tsa bohata di eme lepaketla di a nqosa, di bile di a ntshokela.


Dipaki tse kgopo di eme lepaketla, di mpotsa taba tseo ke sa di tsebeng.


Yaba Bafarisi ba bang le Ditsebi tse ding tsa Molao ba tla ho Jesu ba etswa Jerusalema, ba re:


Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba eme ba mo qosa ka matla.


La qala ho mo qosa, la re: “Re fumane monna enwa a kgelosa setjhaba sa rona, a thibela ha ho ntshetswa Sesare lekgetho, mme a ipolela hore ke Kreste, Kgosi.”


Ba howa, ba re: “Banna ba Iseraele, thusang! Monna enwa ke yena ya rutang batho bohle, kahohle, thuto e lwantshanang le setjhaba, Molao le Nqalo ena; ebile o kentse Bagerike ka Tempeleng, o silafaditse Nqalo ena e halalelang.”


Le tseo ba nqosang ka tsona ha ba ka ke ba tseba ho di pakahatsa.


Fesetose a re: “Kgosi Ageripa, le lona banna bohle ba teng mona, le bona monna enwa, eo setjhaba sohle sa Bajuda se ipileditseng ho nna ka yena ke le Jerusalema leha ke le mona, sa howa, sa re ha a sa tshwanetse ho nna a phela.


Ba ntse ba re sitisa ho bua ho baditjhaba hore baditjhaba ba tle ba pholoswe. Sena ke sebe sa ho qetela sa tseo ba nnileng ba di etsa, mme jwale kgalefo ya Modimo e qeteletse e ba kgaoleditse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ