Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 25:25 - BIBELE

25 Empa ha ke a fumana a entse letho le lokelwang ke lefu. Eitse yena ha a ipiletsa ho Motlotlehi, ka rera ho mo romela teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Haele nna, ha ke se ke fihletse hore ha a ka a etsa letho le tshwanetseng lefu, le yena ha a se a ipeile ho morena e moholo, ke ahlotse ho mo romela ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 Empa ka fumana a sa etsa letho le lokelwang ke lefu, mme le yena ka boyena o ipileditse ho Augustase, ka rera ho mo romela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Empa ka fumana a sa etsa letho le lokelwang ke lefu, mme le yena ka boyena o ipileditse ho Augustase, ka rera ho mo romela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 25:25
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba mahosana, mmoho le setjhaba sohle, a re ho baprista le ho baporofeta: “Motho enwa ha a lokele ho ahlolelwa lefu, hobane o buile ho rona ka lebitso la Morena Modimo wa rona!”


a re ho bona: “Le tlisitse monna enwa ho nna e le ya kgelosang batho, empa bonang, nna, ha ke mmotsisisa moo le leng teng, ha ke a fumana molato ho yena ka tseo le mo qosang ka tsona.


Pilato a re ho baprista ba baholo le ho matshwele: “Ha ke fumane molato ho motho enwa.”


Pilato a re ho yena: “Nnete keng?” Hoba a rialo, a boela a tswela ho Bajuda kantle, a ba bolella, a re: “Ha ke fumane molato ho yena.


Ke fumane hore ha ho letho leo a qoswang ka lona le tshwanelwang ke lefu kapa tjhankana; o qoswa ka kgang e amanang le Molao wa bona.


Ha hlaha leratahadi, mme ba bang ba Ditsebi tsa Molao, ba mokga wa Bafarisi, ba hanyetsa ka matla, ba re: “Ha re fumane bobe ba letho ho motho enwa; mohlomong moya kapa lengeloi le buile le yena.”


Ha ho letho le tiileng leo nka le ngollang kgosi ya ka. Ka baka leo, ke mo tlisitse kapele ho lona, haholoholo kapele ho wena, kgosi Ageripa, e le hore, ha ho se ho entswe hlahlobo ke tle ke be le seo nka se ngolang.


Hoba ba tswe, ba buisana, ba re: “Motho enwa ha a ya etsa letho le lokelwang ke lefu kapa ke tjhankana.”


Ha ho se ho rerilwe hore re tshele ka sekepe ho ya Italia, Paulosi le batshwaruwa ba bang ba neelwa molaodi e mong wa ba lekgolo, ya bitswang Juliase, wa lebotho le bitswang la Motlotlehi.


Hoba ba mpotsisise, Baroma ba ne ba rata ho ntokolla, hobane ho ne ho se lebaka la hore ke bolawe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ