Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 25:23 - BIBELE

23 Ka tsatsi le hlahlamang, Ageripa le Berenike ba fihla ba aperwe ke balaodi ba ba sekete, le banna ba motse ba ka sehloohong, ba kena ka tlung. Ka taelo ya Fesetose, Paulosi a tliswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ka le hlahlamang, Agripa le Berenise ba tla ba kgabile haholo. Eitse hobane ba kene kgotla le balaodi ba sekete le banna ba baholo ba motse, Pauluse a tliswa ka taelo ya Festuse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 Ka la hosasane, ha Agripa a fihla, a ena le Berenike ka boithoriso bo boholo, mme ba kena kgotla, ba ena le balaodi ba makgotla le ba baholo ba motse, ka taelo ya Festuse, ha tliswa Pauluse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Ka la hosasane, ha Agripa a fihla, a ena le Berenike ka boithoriso bo boholo, mme ba kena kgotla, ba ena le balaodi ba makgotla le ba baholo ba motse, ka taelo ya Festuse, ha tliswa Pauluse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 25:23
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A nka matsatsi a lekgolo le mashome a robedi a ntse a ba bontsha matlotlo a mmuso wa hae o kgabane, le tlotla ya botlotlehi ba hae.


“Lefeela la mafeela,” ho rialo Moruti; “lefeela la mafeela, tsohle ke lefeela!”


Botlotlehi ba hao bo theohetse lebitleng, bo theohetse mmoho le melodi ya katara tsa hao; tshenyane e fetohile moalo wa hao, diboko di fetohile kobo ya hao.


Kahoo lebitla le ba lapetse, le se le ahlame, le ba emetse; kgabane tsa bona le matshwele di theohela teng, di theohela le menyaka le marata a tsona.


Mohla ke robang joko ya Egepeta, motse wa Tahepanehese o tla aparelwa ke lefifi, matla a wona a boikgohomoso, wona a fele. Leru le letsho le tla kwahela Egepeta, baahi ba yona ba iswe bothopuweng.


Mabotho a hao ke tla a etsa mofela, ke a bolaye ka sabole tsa natla tsa banna, banna ba sehloho ho feta ditjhaba tsohle. Bokgabane ba Egepeta ba tla bo fedisa, mabotho wohle a yona ba a ripitle.


Naha ke tla e fetola nanaola, e be lefeella, matla ao e ikgantshang ka wona a fele. Dithaba tsa Iseraele di tla fetoha matswatlare, ha ho ya tla feta ho tsona.


Ke tla tlisa bahedene ba tala, mme bona ba hape matlo a Baiseraele. Ke tla fedisa boikgohomoso ba dinatla tsa Baiseraele, dibaka tsa bona tse halalelang di silafatswe.


a bua, a re: “Na ee hase yona Babilona e kgolo, eo ke e hahileng ka matla a ka a maholo, e le ntlo ya bokgosi le tlotla ya botlotlehi ba ka?”


Nako e lokelang ya fihla, ha Heroda a etsetsa matona a hae, le balaodi ba hae ba mabotho, le batho ba ka sehloohong ba Galelea mokete wa kgopotso ya tswalo ya hae.


Ka letsatsi le kgethilweng, Heroda a apara seaparo sa hae sa bokgosi, a dula setulong sa hae, a bua le batho.


Ha ho fetile matsatsi a seng makae, kgosi Ageripa le Berenike ba fihla Sesaria, ba ya boka dikgomo ho Fesetose.


Ke ha kgosi le mmusisi le Berenike le ba neng ba dutse le bona, ba ema.


Empa Morena a re ho yena: “Eya, hobane monna eo ke mohlanka eo ke mo kgethileng ho tsebisa baditjhaba, le dikgosi, le bana ba Iseraele lebitso la ka.


ba phelang ka tsa lefatshe lena e ke ha ba di phelele, hobane mekgwa ya lefatshe lena e a feta.


Ha letsatsi le tjhaba ka lebatama la lona, bo a omella, palesa ya bona e wela fatshe, mme botle ba bona bo a fela. Le yena morui o tla fela jwalo, a ntse a le hara merero ya hae.


hobane: “Batho bohle ba jwaloka jwang, le tlotla yohle ya bona e jwaloka palesa ya jwang. Jwang bo a pona, palesa ya bona e foforehe,


hobane tsohle tsa lefatshe: ditakatso tsa botho, tse hohelang mahlo, le ho ikgantsha ka maruo, tsena hase tse tswang ho Ntate, empa ke tse tswang ho lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ