Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 25:13 - BIBELE

13 Ha ho fetile matsatsi a seng makae, kgosi Ageripa le Berenike ba fihla Sesaria, ba ya boka dikgomo ho Fesetose.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Eitse ha ho se ho fetile matsatsi a mang, morena Agripa le Berenise ba tla Sesarea ho dumedisa Festuse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Eitse hobane ho fete matsatsi a mang, Agripa, le Berenike, ba tla Sesarea ho dumedisa Festuse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Eitse hobane ho fete matsatsi a mang, Agripa, le Berenike, ba tla Sesarea ho dumedisa Festuse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 25:13
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

a romela mora wa hae Jorame ho Davida, ho ya mo dumedisa le ho mo lebohela ha a lwantshitse Hadade-Esere, mme a mo hlotse, hobane Hadade-Esere o ne a ile a lwantsha Toi hangata. Jorame a isetsa Davida dintho tse entsweng ka silefera, le ka kgauta, le ka lethose.


moo a ileng a teana le bana babo Akasiya, kgosi ya Juda, mme a re ho bona: “Le bo-mang?” Ba mo araba, ba re: “Re bana babo Akasiya. Re theohela tlase kwana ho ya boka dikgomo ho bana ba kgosi le ho bana ba mofumahadi.”


Ba qala ho mo dumedisa, ba re: “Ahe! Kgosi ya Bajuda!”


Yare hoba Fesetose a fihle naheng eo, ha feta matsatsi a mararo, yaba o tloha Sesaria o nyolohela Jerusalema.


Hoba Fesetose a buisane le lekgotlana la hae, a re: “O ipileditse ho Sesare; o tla ya kapele ho Sesare.”


Empa Fesetose a araba ka ho re Paulosi o tla bolokwa Sesaria, mme le yena o rerile ho etela teng haufinyane.


Ageripa a re ho Paulosi: “O dumeletswe hore o ipuelle.” Yaba Paulosi o otlolla letsoho, mme a ikarabella, a re:


Empa Filipi a iphumana a se a le Ashedode, a ntse a bolela molaetsa o molemo metseng yohle eo a fetang ho yona, ho fihlela a kena Sesaria.


Ha Saule a qetile ho etsa nyehelo ya setjheso, ba bona Samuele a fihla. Saule a mo kgahlanyetsa, a mo dumedisa.


Empa e mong wa bahlankana a bolella Abikaele, mohatsa Nabele, a re: “Hela! Davida o ne a romme maqosa a tswang lehwatateng, ho tlisa ditumediso ho monga rona, empa monga rona a a kgobola.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ