Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 25:11 - BIBELE

11 Haeba ke fositse, mme ke entse ho hong ho lokelwang ke lefu, ha ke hane ho shwa. Empa haeba ho se nnete tabeng tseo bana ba nqosang ka tsona, ha ho motho ya ka nneelang bona. Ke ipiletsa ho Sesare.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ha ekaba ke entse ho kgopo ho e mong, kapa ha ke entse ho hong ho tshwanelang lefu, ha ke hane ho shwa; empa ha ho se nnete tabeng tseo ba nqosang ka tsona, ha ho motho ya ka nneang bona; ke ipea ho Sesare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Ekare ha ke le mofosi, leha ke entse ntho e lokelwang ke lefu, ha ke hane ho shwa; Ke ipiletsa ho Cesare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ekare ha ke le mofosi, leha ke entse ntho e lokelwang ke lefu, ha ke hane ho shwa; Ke ipiletsa ho Cesare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 25:11
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

haeba nkile ka otla kgutsana ka tsoho la ka, hobane ke tseba hore ka kgotla nke ke ka tsuwa,


Jeremia a tswela pele, a re ho kgosi Sedekiya: “Wena kapa bahlanka ba hao, kapa setjhaba see, ke le sitetswe ka eng ha e le moo le nkentse tjhankaneng tjee?


Empa Paulosi a arabela ka ho re: “Re Baroma, empa re shapilwe pontsheng re sa ka ra ahlolwa, ra hlahlelwa tjhankaneng; jwale ba se ba re lokolla ka lekunutu? Tjhe, le ho ka! A ho tle bona, ba re ntshe!”


Yare ha Paulosi a re o tla bua, Galeo a re ho Bajuda: “Bajuda ting, haeba ho ne ho hlile ho ena le molato o itseng kapa bolotsana bo bobe, ho ka be ho lokela hore ke le mamelle,


Empa yare ha ba mo tlama ka marapo, Paulosi a re ho molaodi wa ba lekgolo, ya emeng moo: “Na ho a dumelleha hore le shape motho eo e leng Moroma, a eso ka a ahlolwa na?”


Paulosi a re: “Ke eme kapele ho lekgotla la Sesare la boahlodi, moo ke lokelang ho ahlolelwa teng. Ha ke a fosetsa Bajuda ka letho, jwalokaha le wena o tseba hantle.


Hoba Fesetose a buisane le lekgotlana la hae, a re: “O ipileditse ho Sesare; o tla ya kapele ho Sesare.”


Empa Paulosi a ipiletsa hore a bolokwe tjhankaneng, a emele kahlolo ya Motlotlehi. Ke ile ka laela hore a bolokwe ho fihlela nka mo romela ho Sesare.”


Empa ha ke a fumana a entse letho le lokelwang ke lefu. Eitse yena ha a ipiletsa ho Motlotlehi, ka rera ho mo romela teng.


Yaba Ageripa o re ho Fesetose: “Motho enwa a ka be a lokolotswe, hoja ha a a ka a ipiletsa ho Sesare.”


Ha Bajuda ba hanyetsa taba ena, ke ile ka tlameha ho ipiletsa ho Sesare, feela e se hobane ke rata ho qosa setjhaba sa heso ka letho.


Bajuda ke bona ba ileng ba bolaya Morena Jesu le baporofeta, mme le rona ba re hlorisitse haholo. Ha ba kgahlise Modimo, mme ba hanyetsana le batho bohle.


“Morena Modimo wa medimo! Morena Modimo wa medimo! Modimo o a tseba, le lona Baiseraele le tsebe! Haeba hona ke bofetohedi kapa bohlabaphiyo, re timetswe hona kajeno!


Davida a bua ka pelo, a re: “Ka letsatsi le leng Saule o tla qetella a mpolaile. Ho molemo hore ke ipalehelle naheng ya Bafilesita, a tle a ntele, a se ke a hlola a mpatla naheng yohle ya Iseraele. Ka mokgwa o jwalo ke tla phonyoha.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ