Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 24:10 - BIBELE

10 Hoba mmusisi a mo hwehle hore a bue, Paulosi a araba, a re: “Ka ho tseba hore o bile moahlodi wa setjhaba sena ka dilemo tse ngata, ke thabela haholo ho ikarabella hodima tseo ke qoswang ka tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Pauluse, eitse hobane mmusisi a mo hwehle hore a bue, a araba, a re: Erekaha ke tseba hobane ho se ho le dilemo tse ngata o busa setjhaba sena, ke moo ke ikarabelang ka tshepo e fetisang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Pauluse, ha mmusisi a mo hweditse hore a bue, a araba, a re: Erekaha ke tseba hobane o bile moahlodi wa setjhaba sena ka dilemo tse ngata, ke ikarabela ka thabo e kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Pauluse, ha mmusisi a mo hweditse hore a bue, a araba, a re: Erekaha ke tseba hobane o bile moahlodi wa setjhaba sena ka dilemo tse ngata, ke ikarabela ka thabo e kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 24:10
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ha ba le hulela pela matlo a thapelo, le pela baahlodi, le babusi, le se ke la itshwenya ka hore na le tla bua jwang kapa eng, kapa le reng,


Jesu a re ho yena: “Monna heso, ya mpeileng moahlodi kapa moaroledi wa lona ke mang?”


A re: “Moahlodi ya sa tshabeng Modimo, ya sa reng letho ka motho, o ne a le teng motseng o mong.


A ba phoka ka letsoho hore ba kgutse, a ba phetela kamoo Morena a mo ntshitseng tjhankaneng kateng, a ba a re: “Tsebisang Jakobo le badumedi ditaba tsena.” A tswa, a ya sebakeng se seng.


Paulosi a ema, a phoka ka letsoho, a re: “Banna ba Iseraele, le lona ba tshabang Modimo, mamelang!


empa haeba ke kgang ya mantswe, ya mabitso le ya Molao wa lona, le ka bona e le lona; ha nka ke ka ba moahlodi wa tsena.”


Ba bang ba letshwele ba re Alekesandere a bue, ha Bajuda ba ntse ba mo sutumeletsa kapele. Alekesandere a phoka ka letsoho, a rata ho ikarabella ho letshwele.


Ha molaodi a mo dumeletse, Paulosi a ema mehatong e nyolohang ya monyako, a phoka setjhaba ka letsoho. Ha ho se ho kgutsitse tuu! a bua le bona ka Seheberu, a re:


Le dipere di be teng, ba tle ba palamise Paulosi, ba yo mo fihlisa ho mmusisi Felekise a sa hlahelwa ke kotsi.”


Ageripa a re ho Paulosi: “O dumeletswe hore o ipuelle.” Yaba Paulosi o otlolla letsoho, mme a ikarabella, a re:


empa dipelong tsa lona le hlomphe Kreste, eo e leng Morena. Kamehla le itokisetse ho ikarabella ho bohle ba le botsang tsa tshepo eo le nang le yona.


Ha motho a sitelwa motho e mong, Modimo o tla mo ahlola, empa haeba motho a ka sitelwa Morena, ke mang ya tla mmuella?” Leha ho le jwalo ba se ke ba mamela ntata bona, hobane Morena o ne a rerile ho ba bolaya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ