Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 23:19 - BIBELE

19 Molaodi a mo tshwara ka letsoho, a mo nkela thokwana, mme a mmotsa, a re: “Ke sefe seo o ratang ho mpolella sona?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Molaodi wa sekete a mo tshwara ka letsoho, a tswela thoko le yena, a mmotsa, a re: Taba ke efe eo o mpolellang yona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Yaba molaodi wa sekete o mo tshwara ka letsoho, a ya le yena kathoko, a mmotsa, a re: O na le taba efe eo o tla mpolella yona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Yaba molaodi wa sekete o mo tshwara ka letsoho, a ya le yena kathoko, a mmotsa, a re: O na le taba efe eo o tla mpolella yona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 23:19
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale kgosi ya re ho nna: “O rata ha ke o etsetsa eng?”


Kgosi ya re ho yena: “Oho, mofumahadi Esetere, o batla ho etsetswa eng? O lakatsang? Seo o se lakatsang o tla se newa, leha e ka ba halofo ya mmuso wa ka.”


Ka tsatsi la bobedi la mokete wa veine, kgosi ya boela ya re ho Esetere: “Oho, mofumahadi Esetere, thapedi ya hao ke efe? E tla ananelwa. Kopo ya hao ke efe? E tla phethwa, esita leha eba ke halofo ya mmuso wa ka.”


Jwale kgosi ya re ho mofumahadi Esetere: “Bajuda ba bolaile banna ba Shushane ba makgolo a mahlano, le bara ba leshome ba Hamane. Dinaheng tse ding tsa kgosi teng ba entseng? Thapedi ya hao ke efe? E tla ananelwa. Kopo ya hao ke efe hape? E tla phethahatswa.”


“Ha se na ho tshwana le selekane seo ke neng ke se etse le baholoholo ba bona ha ke ne ke ba tshwere ka letsoho, ke ba ntsha naheng ya Egepeta. Le hoja ba ile ba senya selekane sa ka, ke ile ka ba Morena wa bona,” ho rialo Morena.


Jesu a se araba, a re: “O rata ha ke o etsetsang?” Sefofu sa re ho yena: “Morena, nke ke boele ke bone!”


A tshwara sefofu ka letsoho, a se isa kantle ho motse; a tshwela mathe mahlong a sona, a se bea matsoho, a se botsa, a re: “Na ho na le seo o se bonang?”


Empa Jesu a mo tshwara ka letsoho, a mo tsosa, mme a ema.


Jwale lebotho la bahlabani, le ena le molaodi wa lona wa ba sekete, le balebedi ba neng ba romilwe ke Bajuda, ba tshwara Jesu, ba mo tlama.


Ba mo nka, ba mo isa lekgotleng la Areopagose, ba re: “Na re ka tseba hore na thuto ee e ntjha eo o e bolelang ke efe?


Eo a mo nka, a mo isa ho molaodi wa ba sekete, a re: “Motshwaruwa Paulosi o ile a mpitsa, a nkopa ho tlisa mohlankana enwa ho wena, hobane o na le seo a ratang ho o bolella sona.”


A re: “Bajuda ba dumellane hore hosasane ba o kope ho theolela Paulosi kgotla, e ke hoja ba tlilo mmotsisisa hantle ka tsa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ