Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 23:16 - BIBELE

16 Empa motjhana wa Paulosi ha a utlwa tsa ho lallwa hoo, a ya, a kena qhobosheaneng, mme a tsebisa Paulosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Empa mora wa kgaitsedi ya Pauluse a utlwa tsa morero wa bona; yaba o ya, a kena qhobosheaneng, a di tsebisa Pauluse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Eitse ha mora wa kgaitsedi ya Pauluse a utlwa tsa ho lalla ha bona, a ya, a kena qhobosheaneng, a bolella Pauluse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Eitse ha mora wa kgaitsedi ya Pauluse a utlwa tsa ho lalla ha bona, a ya, a kena qhobosheaneng, a bolella Pauluse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 23:16
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bo-Jonathane le Ahimase ba ne ba ye ba ipate pela Sediba sa Rogele. Lekgabunyane le ne le ye le ye, le yo ba bolella ditaba, mme le bona ba ne ba ye ba ye, ba yo tsebisa kgosi, hobane ba ne ba sa tshwanela ho bonwa ba kena motseng.


ka maraba a bona o tshwasa bo-ramasene, maqheka a bona a fetoha lefeela.


Ha ho bohlale, kelello, kapa morero o ka atlehang ha Morena a sa o rate.


Se lalle ntlo ya motho ya lokileng jwalokaha senokwane se etsa; lapa la hae o se ke wa le senyetsa,


Ya ka bolelang ntho, ya etsahala, ke mang, haeba ntho eo e sa laolwa ke Morena?


Jwale hara letshwele ba bang ba howa ntho ena, ba bang yane. Kaha molaodi a ne a sitwa ho tseba hoo e leng nnete ka baka la lerata, a laela hore Paulosi a iswe qhobosheaneng.


Ha a se a tla kenngwa ka qhobosheaneng, Paulosi a re ho molaodi wa ba sekete: “Na o ka ntumella ho buisana le wena?” Yaba eo o re: “Na o tseba Segerike?


Ha kgang e kgolo e loela, molaodi wa ba sekete, ka ho tshaba hore ba se tshohe ba tsekolla Paulosi, a laela hore bahlabani ba theohe, ba mo ntshe kahara letshwele, ba mo ise qhobosheaneng.


Yaba Paulosi o bitsa e mong wa balaodi ba ba lekgolo, mme a re ho yena: “Isa mohlankana enwa ho molaodi wa ba sekete, hobane o na le seo a ratang ho mo tsebisa sona.”


Ka la hosasane ba maoto ba kgutlela qhobosheaneng, ba siya bapalami ho tswela pele le yena.


A laela molaodi wa ba lekgolo hore a dise Paulosi, feela a be le bolokolohi bo itseng, mme a se thibele motho ofe kapa ofe wa ba habo ho mo thusa.


Bohlale ba lefatshe lena ke bothoto mahlong a Modimo. Etswe Mangolo a re: “Modimo o tshwasa ba bohlale maqhekeng a bona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ