Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 23:15 - BIBELE

15 Ka baka lena lona, mmoho le lekgotla, bolellang molaodi wa ba sekete hore a mo theole, a mo tlise ho lona, e ke hoja le tlilo hlahlobisisa taba ya hae hantle; rona re se re itokiseditse ho mmolaya a eso fihle mona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Jwale he, lona le lekgotla, le tsebise molaodi wa sekete hore a tle a mo romele ho lona hosasane, ho be jwaloka hoja le rata ho botsisisa ditaba tsa hae; haele rona, re tla be re setse re itokiseditse ho mmolaya a eso ho fihle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Jwale lona, hammoho le lekgotla, le bolelle molaodi wa sekete hore a mo theolele ho lona hosasane, jwaloka hoja le batla ho tseba ditaba tsa hae ka botlalo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Jwale lona, hammoho le lekgotla, le bolelle molaodi wa sekete hore a mo theolele ho lona hosasane, jwaloka hoja le batla ho tseba ditaba tsa hae ka botlalo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 23:15
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jonadabe a re ho yena: “Tsamaya o yo robala, o ikudise; e tle ere ha ntatao a tlilo o hlwela o re ho yena: ‘Ntate, ke a o kopa: Ere kgaitsedi ya ka Tamare a ke a tle kwano, a tlo ntokisetsa dijo ke ntse ke mo shebile, a nngwathele ka letsoho la hae, ke je.’ ”


O tla hlakola bana ba bona lefatsheng, le ditloholo tsa bona hara bana ba batho.


Maoto a bona a titimela bobeng, a potlakela ho ya tsholla madi.


Ha ba sa etse bokgopo ha ba robale, ba fadimehiswa ke takatso ya ho bolaya.


Maoto a bona a ba mathisetsa sebeng, a bobebe ho tsholla madi a se nang molato, menahano ya bona ke menahano e kgopo, mehlaleng ya bona ke mophula wa tshenyo, le wa timetso.


Jwale lebotho la bahlabani, le ena le molaodi wa lona wa ba sekete, le balebedi ba neng ba romilwe ke Bajuda, ba tshwara Jesu, ba mo tlama.


Ka la hosasane, kaha a ne a lakatsa ho tseba hantle hore na Paulosi o qoswa kang ke Bajuda, a mo lokolla, a laela hore baprista ba baholo, le lekgotla lohle, ba phuthehe, a nto tlisa Paulosi, a mo emisa kapele ho bona.


Paulosi a tadimisisa lekgotla, a re: “Banna ba heso, ke nnile ka phela ka letswalo le kgutsitseng pela Modimo ho fihlela ka letsatsi lena.”


Yare ha Paulosi a hlokomela hore karolo e nngwe ke Basaduke, e nngwe ke Bafarisi, a howa kahara lekgotla, a re: “Banna ba heso, nna ke Mofarisi, ke ngwana wa Mofarisi; ke qosetswa ho ba le tshepo ya hore bafu ba tla tsoha.”


ba mo kopa hore a ba tswele molemo wa hore Paulosi a romelwe Jerusalema, kaha ba ne ba rerile ho mo lalla tseleng, ba mmolaye.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ