Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 22:7 - BIBELE

7 Ka wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le re ho nna: ‘Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ka wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le reng ho nna: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 Yaba ke wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le re ho nna: Saule, Saule, o ntlhorisetsang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Yaba ke wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le re ho nna: Saule, Saule, o ntlhorisetsang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 22:7
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mme la re: “Hagare, lekgoba la Sarai, o tswa kae, o ya kae?” Hagare a arabela, a re: “Ke baleha monga ka, Sarai.”


Hoba tsena di fete, Modimo a leka Aborahama, a re ho yena: “Aborahama!” Yena a re: “Ke nna enwa.”


Empa lengeloi la Morena la howeletsa le le lehodimong, la re: “Aborahama! Aborahama!” Yaba o re: “Ke nna enwa.”


Morena Modimo a bitsa monna, a re ho yena: “O hokae na?”


Morena a bona hore Moshe o a kgelohela, ho ya bona, mme Modimo a mmitsa a le kahara sehlahla sa monokotshwai, a re: “Moshe! Moshe!” Yaba Moshe o re: “Ke nna enwa!”


Morena o bua tjena: “Baholoholo ba lona ba bone kgopo ba ka e le bofe, ha ba ile ba mphuralla, ba mathelaka mafeela, mme jwale ba fetohile mafeela?


“Kahoo ke tla le qosa,” ho rialo Morena, “ke be ke qose le tloholwana tsa lona.


“O tla ba araba, a re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le sa kang la se etsetsa e mong wa ba banyenyane bana, le nna ha le a nketsetsa sona.’


A re: “Empa o entse bobe bofe?” Ba eketsa ba howa, ba re: “A thakgiswe!”


“Ha ke le tseleng, mme ke atametse Damaseka, e batla e eba hara mpa ya motsheare, hanghang ka teelwa hare ke lesedi le leholo le tswang lehodimong.


“Ka araba, ka re: ‘O mang, Morena?’ “Yaba o re ho nna: ‘Ke nna Jesu wa Nasaretha, eo o mo hlorisang.’


A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: “Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?”


leha pele ke ne ke le monyefodi, le mohlorisi, le moikakasi. Empa ke ile ka hauhelwa, kaha tsena ke di entse ke sa tsebe, ke eso be le tumelo.


Morena a tla, a fihla a ema pela hae, mme a mmitsa jwalokaha a ile a mmitsa ka makgetlo a pele: “Samuele! Samuele!” Yaba Samuele o re: “Bua Morena, hobane mohlanka wa hao o mametse.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ