Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 22:30 - BIBELE

30 Ka la hosasane, kaha a ne a lakatsa ho tseba hantle hore na Paulosi o qoswa kang ke Bajuda, a mo lokolla, a laela hore baprista ba baholo, le lekgotla lohle, ba phuthehe, a nto tlisa Paulosi, a mo emisa kapele ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ka hosasane, kahobane a ne a rata ho tseba ruri seo Bajuda ba mo qosang ka sona, a mo tlamolla, mme a laela hore baprista ba baholo le ba lekgotla kaofela ba bokane, a ntoo tlisa Pauluse, a mmea pela bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

30 Ka hosasane, kahobane a ne a rata ho tseba nnete ya hore na ke hobaneng a qoswa ke Bajuda, a mo lokolla ditlamong, mme a laela hore baprista ba baholo le lekgotla lohle la bona ba phuthehe; yaba o theola Pauluse, a mmea pela bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Ka hosasane, kahobane a ne a rata ho tseba nnete ya hore na ke hobaneng a qoswa ke Bajuda, a mo lokolla ditlamong, mme a laela hore baprista ba baholo le lekgotla lohle la bona ba phuthehe; yaba o theola Pauluse, a mmea pela bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 22:30
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hlokomelang batho, hobane ba tla neelana ka lona makgotleng, ba le shape matlung a bona a thapelo.


Ha ba se ba mo tlamile, ba mo kganna, ba ya mo neela mmusisi Pilato.


Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya halefelang ngwanabo o tla tshwanelwa ke kahlolo, mme ya reng ho ngwanabo: ‘Sethoto towe!’ o tla tshwanelwa ke ho iswa kgotla; ha e le ya reng: ‘Tseketseke towe!’ o tla tshwanelwa ke ho ya mollong wa dihele.


A tla ho rona, a nka leqhama la Paulosi, a itlama maoto le matsoho ka lona, a re: “Moya o Halalelang o bolela tsena: ‘Bajuda ba tla tlama monga leqhama lena, tjena, kwana Jerusalema, ba neelane ka yena matsohong a baditjhaba.’ ”


Yaba molaodi wa ba sekete o a atamela, o tshwara Paulosi, o laela hore a tlangwe ka mahlaahlela a mabedi, a nto botsa hore na ke mang, mme o entseng.


Le Moprista e Moholo le lekgotla lohle la baholo ba ka mpaka. Ba ile ba mpha mangolo a ngoletsweng Bajuda baheso ba Damaseka. Ka ya teng hore ke tlise ba Tsela ena Jerusalema ba tlamilwe, hore ba tle ba otlwe.”


Paulosi a tadimisisa lekgotla, a re: “Banna ba heso, ke nnile ka phela ka letswalo le kgutsitseng pela Modimo ho fihlela ka letsatsi lena.”


Ka baka lena lona, mmoho le lekgotla, bolellang molaodi wa ba sekete hore a mo theole, a mo tlise ho lona, e ke hoja le tlilo hlahlobisisa taba ya hae hantle; rona re se re itokiseditse ho mmolaya a eso fihle mona.”


A re: “Bajuda ba dumellane hore hosasane ba o kope ho theolela Paulosi kgotla, e ke hoja ba tlilo mmotsisisa hantle ka tsa hae.


Kaha ke ne ke rata ho tseba ka ho tlala seo ba mo qosang ka sona, ke ile ka mo isa lekgotleng la bona.


Yare ha Paulosi a hlokomela hore karolo e nngwe ke Basaduke, e nngwe ke Bafarisi, a howa kahara lekgotla, a re: “Banna ba heso, nna ke Mofarisi, ke ngwana wa Mofarisi; ke qosetswa ho ba le tshepo ya hore bafu ba tla tsoha.”


Paulosi a re: “Leha e ka ba habonolo kapa hathata, ke rapela Modimo hore e se be wena feela, empa le bohle ba nkutlwang kajeno ba be seo ke leng sona, re fapane feela ka mahlaahlela ana.”


Ha ba utlwile, ba kena ka Tempeleng e sa le hoseng, mme ba ruta. Ha Moprista e Moholo le ba nang le yena ba fihla, ba bitsa lekgotla le baholo bohle ba bana ba Iseraele, mme ha romelwa tjhankaneng hore ho yo latwa baapostola.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ