Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 22:3 - BIBELE

3 “Nna ke monna wa Mojuda ya tswaletsweng Tarasuse e Silesia, empa ke hodiseditswe motseng ona, ke le morutwana wa Gamaleele, ka rutwa ka nepisiso Molao wa bo-ntata rona, ka tjhesehella Modimo jwaloka lona bohle, kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Yaba o re: Nna, ke Mojuda, ya tswaletsweng Tarese wa Silisia; ke mpa ke holetse motseng wona maotong a Gamaliele; ka rutwa ka mokgwa o fetisisang ho ya ka molao wa bontata rona, ka ba le tjheseho ho Modimo jwaloka lona kaofela kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

3 Ruri ke monna wa Mojuda, ya hlahetseng Tarsase, motse wa Silisia, ya ntseng a hodisetswa motseng ona maotong a Gamaliele, ka ruta ka mokgwa o phethehileng wa molao wa bontata rona, ke bile ke tjhesehela Modimo, joalo ka ha le le kaofela kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ruri ke monna wa Mojuda, ya hlahetseng Tarsase, motse wa Silisia, ya ntseng a hodisetswa motseng ona maotong a Gamaliele, ka ruta ka mokgwa o phethehileng wa molao wa bontata rona, ke bile ke tjhesehela Modimo, joalo ka ha le le kaofela kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 22:3
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bagibeone e ne e se ba habo bana ba Iseraele; e ne e le masalla a Baamore. Bana ba Iseraele ba ne ba ba hlapanyeditse hore ba tla ba baballa, empa Saule yena o ne a rata ho ba bolaya ka baka la ho thahasella bana ba Iseraele le ba Juda.


Elisha a boela a kgutlela Gilegale, mme a fumana naha e aparetswe ke tlala. Ha sehlopha sa baporofeta se ntse se dutse kapele ho yena, Elisha a re ho mohlanka wa hae: “Tlhatleha pitsa e kgolo, o phehele sehlopha sena sa baporofeta lesheleshele.”


O ne a ena le ngwanabo ya bitswang Maria, ya neng a dutse maotong a Morena, a mametse seo a se bolelang.


Kamora matsatsi a mararo ba mo fumana ka Tempeleng a dutse hara baruti, a ba mametse, a ntse a ba botsa,


Batho ba tswa ho ya bona se etsahetseng, ba tla ho Jesu, mme ba fumana monna eo bademona ba tswileng ho yena a dutse maotong a Jesu, a apere, kelello ya hae e tsitsitse hantle, mme ba tshoha.


Jwale Baranabase a ya Tarasuse ho ya batla Saule,


Ba ba neeletsa lengolo le reng: “Baapostola le baholo, e leng bana babo lona, ba dumedisa badumedi ba leng Antiokia le Siria le Silesia, ba tswang ho baditjhaba.


A feta le Siria le Silesia, a ntse a matlafatsa dikereke.


Ha ba utlwa tsena, ba tlotlisa Modimo, ba re ho Paulosi: “O a bona, ngwaneso, hore ho na le diketekete tsa Bajuda ba dumetseng, mme bohle ba tjhesehela Molao.


Paulosi a re: “Nna ke monna wa Mojuda ya tswaletsweng Tarasuse e Silesia; ke moahi wa motseng, e seng wa motsaneng. Jwale ke a o kopa, ako ntumelle ho bua le setjhaba sena.”


Hoba mmusisi a bale lengolo, a mmotsa hore na ke wa hokae. Ha a utlwile hore o tswa Silesia, a re:


Yare ha Paulosi a hlokomela hore karolo e nngwe ke Basaduke, e nngwe ke Bafarisi, a howa kahara lekgotla, a re: “Banna ba heso, nna ke Mofarisi, ke ngwana wa Mofarisi; ke qosetswa ho ba le tshepo ya hore bafu ba tla tsoha.”


Kaha ba ntsebile ho tloha kgale, haeba ba rata ba ka paka hore ke ile ka phela ke le Mofarisi, ke le wa mokga wa tumelo ya rona, o ditaelo di thata.


“Jwale le nna ke ne ke hopotse hore ke tshwanetse ho etsa dintho tse ngata tse lwantshanang le lebitso la Jesu wa Nasaretha.


Empa Mofarisi e mong ya bitswang Gamaleele, eo e neng e le moruti wa Molao, ya hlonetjhwang ke setjhaba sohle, a ema hara lekgotla, a laela hore banna bao ba ntshetswe kantle ho se hokae.


Jwale ha hlaha ba bang ba ntlo ya thapelo e bitswang ya Balokollwa, e leng ba Sirene, le ba Alekesanderia, le ba tswang Silesia le Asia, ba phehisana kgang le Setefane.


Saule, a sa ntse a pipitlellane ke moya wa ho sokela le wa ho bolaya barutuwa ba Morena, a ya ho Moprista e Moholo.


Morena a re ho yena: “Ema, o ye seterateng se bitswang Se Otlolohileng, mme ka tlung ya Juda o batle monna ya bitswang Saule wa Tarasuse. Bona, o a rapela,


Ha badumedi ba tsebile, ba mo theolela Sesaria, ba mo romela Tarasuse.


Jwale ke a botsa: Na Modimo o lahlile setjhaba sa hae na? Le kgale! Le nna ke Moiseraele, ke setloholo sa Aborahama, ke wa leloko la Benjamine.


Na ke Baheberu? Le nna ke yena. Na ke Baiseraele? Le nna ke yena. Na ke ditloholo tsa Aborahama? Le nna ke sona.


Ke ne ke feta thaka tsa ka tse ngata tsa setjhaba sa heso ka ho boloka tumelo ya Sejuda, ke boulela meetlo ya baholoholo haholo.


E, ruri tjhaba sa hae o a se rata, bahalaledi ba hae bohle o a ba sireletsa. Ba dutse fatshe, maotong a hae, ba mametse mantswe a taelo tsa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ