Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 22:25 - BIBELE

25 Empa yare ha ba mo tlama ka marapo, Paulosi a re ho molaodi wa ba lekgolo, ya emeng moo: “Na ho a dumelleha hore le shape motho eo e leng Moroma, a eso ka a ahlolwa na?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Eitse ha ba mo tlamile ka marapo, Pauluse a re ho molaodi wa lekgolo ya emeng moo: Hleka le na le tokelo ya ho shapa motho wa Roma, a eso ho ahlolwe na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 Eitse ha ba mo tlama ka marapo, Pauluse a re ho molaodi wa lekgolo ya emeng moo: Hleka le dumeletswe ho shapa motho eo e leng Moroma, a eso ho ahlolwe na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Eitse ha ba mo tlama ka marapo, Pauluse a re ho molaodi wa lekgolo ya emeng moo: Hleka le dumeletswe ho shapa motho eo e leng Moroma, a eso ho ahlolwe na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 22:25
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hlokomelang batho, hobane ba tla neelana ka lona makgotleng, ba le shape matlung a bona a thapelo.


Yare ha molaodi wa ba lekgolo le ba lebetseng Jesu le yena ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahalang, ba tshoha haholo, ba re: “Kannete enwa e ne e le Mora wa Modimo.”


Molaodi wa lebotho a mo araba, a re: “Morena, ha ke tshwanelwe ke hore o kene ka tlung ya ka; bua feela, mme mohlanka wa ka o tla fola.


Monna e mong o ne a le teng Sesaria, ya bitswang Kornele, e le molaodi wa ba lekgolo lebothong le bitswang la Italia.


Empa Paulosi a arabela ka ho re: “Re Baroma, empa re shapilwe pontsheng re sa ka ra ahlolwa, ra hlahlelwa tjhankaneng; jwale ba se ba re lokolla ka lekunutu? Tjhe, le ho ka! A ho tle bona, ba re ntshe!”


Yare ha molaodi wa ba lekgolo a utlwa hona, a ya ho molaodi wa ba sekete, a mo tsebisa, a re: “Motho enwa ke Moroma! O etsang?”


Yaba Paulosi o bitsa e mong wa balaodi ba ba lekgolo, mme a re ho yena: “Isa mohlankana enwa ho molaodi wa ba sekete, hobane o na le seo a ratang ho mo tsebisa sona.”


Monna enwa o na tshwerwe ke Bajuda, mme ba le lekgatheng la ho mmolaya. Ha ke utlwa hore ke Moroma, ka fihla ka bahlabani, ka mo namolela.


“Ke ile ka ba araba ka ho re hase moetlo wa Baroma ho neelana ka moqosuwa a eso thulanngwe le baqosi ba hae, le ho newa sebaka sa ho ikarabella qosong ya hae.


Ha ho se ho rerilwe hore re tshele ka sekepe ho ya Italia, Paulosi le batshwaruwa ba bang ba neelwa molaodi e mong wa ba lekgolo, ya bitswang Juliase, wa lebotho le bitswang la Motlotlehi.


Ka le hlahlamang ra fihla Sidone. Juliase a ba mosa ho dumella Paulosi ho ikela ho metswalle ya hae, ho ya hlokomelwa.


Empa molaodi wa ba lekgolo, ka ho rata ho pholosa Paulosi, a ba thibela morerong oo wa bona. A laela ba tsebang ho sesa hore ba itihele metsing pele, ba yo fihla lebopong,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ