Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 22:1 - BIBELE

1 “Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang boikarabello ba ka ho lona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Banna ba heso le bontate, mamelang jwale meitatolo ya ka ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Banna, banabeso, le bontate, utlwang boiphemelo ba ka ho lona jwale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Banna, banabeso, le bontate, utlwang boiphemelo ba ka ho lona jwale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 22:1
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ha ba le hulela pela matlo a thapelo, le pela baahlodi, le babusi, le se ke la itshwenya ka hore na le tla bua jwang kapa eng, kapa le reng,


Ka hona qetelang ka dipelong tsa lona hore ha le na ho itokisetsa boitshireletso ba lona,


“Banna ba heso, bana ba Aborahama, le lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la pholoho le rometswe ho rona,


Ba bang ba letshwele ba re Alekesandere a bue, ha Bajuda ba ntse ba mo sutumeletsa kapele. Alekesandere a phoka ka letsoho, a rata ho ikarabella ho letshwele.


Paulosi a tadimisisa lekgotla, a re: “Banna ba heso, ke nnile ka phela ka letswalo le kgutsitseng pela Modimo ho fihlela ka letsatsi lena.”


Yare ha Paulosi a hlokomela hore karolo e nngwe ke Basaduke, e nngwe ke Bafarisi, a howa kahara lekgotla, a re: “Banna ba heso, nna ke Mofarisi, ke ngwana wa Mofarisi; ke qosetswa ho ba le tshepo ya hore bafu ba tla tsoha.”


Hoba mmusisi a mo hwehle hore a bue, Paulosi a araba, a re: “Ka ho tseba hore o bile moahlodi wa setjhaba sena ka dilemo tse ngata, ke thabela haholo ho ikarabella hodima tseo ke qoswang ka tsona.


“Ke ile ka ba araba ka ho re hase moetlo wa Baroma ho neelana ka moqosuwa a eso thulanngwe le baqosi ba hae, le ho newa sebaka sa ho ikarabella qosong ya hae.


Paulosi a ikarabella ka ho re: “Ha ke a sitelwa Molao wa Sejuda, kapa Tempele, esita le Sesare.”


Yare a sa ntsane a ikarabella, Fesetose a bua ka lentswe le phahameng, a re: “O a lora, Paulosi! Tsebohadi ena ya hao e a o hlantsha!”


Ha etsahala hore kamora matsatsi a mararo, Paulosi a meme baetapele ba Bajuda. Ha ba se ba kopane a re ho bona: “Banna ba heso, le hoja ke sa etsa se hananang le setjhaba kapa le meetlo ya boholoholo, ke motshwaruwa ya tswang Jerusalema, ya neetsweng matsohong a Baroma.


Setefane a re: “Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang! Modimo ya tlotlehang o ile a iponahatsa ho ntata rona Aborahama ha a sa le Mesopotamia, a eso ahe Kgarane;


Ba bontsha hore mesebetsi ya Molao e ngotswe dipelong tsa bona; matswalo a bona a ntse a ba pakela, ha mehopolo ya bona e ba qosa kapa e ba emela.


Na haesale le ntse le nahana hore re batla ho itshireletsa mahlong a lona? Re bua pela Modimo re le ba Kreste, mme, baratuwa, tsohle di etsetswa ho le matlafatsa.


Bonang, ho swaba hona ho yang kamoo Modimo a ratang kateng, ho le hlahiseditse thahasello e kaakang, le boitshireletso, le kgalefo, le tshabo, le tlholohelo, le tjheseho, le ho ahlola ya molato! Ka mekgwa yohle le bontshitse kamoo le hlokang molato kateng tabeng ena.


Ba pele bona ba bolela tsa Kreste ka kgang, ka sepheo se sebe, ba hopotse hore ba tla nkekeletsa matshwenyeho ha ke ntse ke le ditlamong.


Ho a lokela hore ke be le maikutlo a jwalo ka lona bohle, kaha le le pelong ya ka kamehla, lona bohle ba nang le kabelo lehlohonolong la ka, leha ke le ditlamong, leha ke fumane sebaka sa ho buella kapa ho tiisa molaetsa o molemo.


Ha ke ne ke qala ho ikarabella kgotla, ha ho ya kileng a nkemela, empa bohle ba ile ba ntshabella. E se e ka ba ke ke ba ahlolelwa hoo.


empa dipelong tsa lona le hlomphe Kreste, eo e leng Morena. Kamehla le itokisetse ho ikarabella ho bohle ba le botsang tsa tshepo eo le nang le yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ