Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 21:8 - BIBELE

8 Ka la hosasane ra tloha, mme ra fihla Sesaria. Ra kena ha mmoledi Filipi, e mong wa ba supileng ba neng ba kgethwe Jerusalema, ra hlola le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Hosasane, ra tloha, mme ra fihla Sesarea; ra kena tlung ya Filipi, moevangeli, eo e neng e le e mong wa ba supileng, mme ra dula ha hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

8 Ka la hosasane, rona ba sehlopha sa Pauluse, ra tloha, ra fihla Sesarea; mme a dula le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Ka la hosasane, rona ba sehlopha sa Pauluse, ra tloha, ra fihla Sesarea; mme a dula le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 21:8
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Monna e mong o ne a le teng Sesaria, ya bitswang Kornele, e le molaodi wa ba lekgolo lebothong le bitswang la Italia.


Yare hoba a bone pono eo, hanghang ra batla ho ya Masedonia, re kgodisehile hore Modimo o re bitseditse ho ya bolela molaetsa o molemo teng.


Ka tsatsi la Sabatha ra tswela kantle ho kgoro ya motse e pela noka, moo re neng re lekanya hore ho rapellwa teng. Hoba re dule, ra bua le basadi ba phuthehileng.


Yare ha re ntse re eya thapelong, ha etsahala hore re kgahlanyetswe ke lekgabunyane le nang le moya wa bonohe, le neng le fumantsha beng ba lona leruo le lengata ka bonohe ba lona.


Ha a fihla Sesaria, a nyolohela Jerusalema ho ya dumedisa kereke, a nto theohela Antiokia.


Rona ra ba etella pele ka sekepe, ra tshelela Asose, moo re neng re ikemiseditse ho palamisa Paulosi teng, hobane o ne a lokisitse jwalo hore yena o tla ya ka maoto.


Hoba ho fete matsatsi a mokete wa bohobe bo sa lomoswang, ra kena ka sekepeng, ra tloha Filipi, mme kamora matsatsi a mahlano ra fihla ho bona, Terowase; teng ra hlola matsatsi a supileng.


Ba bang ba barutuwa ba Sesaria ba ya le rona; ba re isa ha e mong ya bitswang Menasone wa Sipera, morutuwa wa kgale, eo re neng re ilo hlola le yena.


Jwale molaodi wa sekete a bitsa balaodi ba babedi ba mabotho a ba lekgolo, a re: “Ka hora ya borobong, bosiu, le hlophe bahlabani ba makgolo a mabedi, le bapalami ba dipere ba mashome a supileng, le ba hlometseng ka marumo ba makgolo a mabedi, ba tsamaye ho ya fihla Sesaria.


Ha ho se ho rerilwe hore re tshele ka sekepe ho ya Italia, Paulosi le batshwaruwa ba bang ba neelwa molaodi e mong wa ba lekgolo, ya bitswang Juliase, wa lebotho le bitswang la Motlotlehi.


Kamora kgwedi tse tharo ra kena ka sekepeng se tswang Alekesanderia, se neng se ile sa tshabela mariha sehlekehlekeng seo. Sekepe seo se ne se ena le letshwao la medimo ya Bagerike ya Mafahla.


Ha re fihla Roma, Paulosi a dumellwa ho dula a le mong le mohlabani ya mo lebelang.


Bohle ba amohela tlhahiso ena, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Porokore, le Nikanore, le Timone, le Paramenase, le Nikola, mosokolohi wa Antiokia.


Ha badumedi ba tsebile, ba mo theolela Sesaria, ba mo romela Tarasuse.


Ke yena ya ileng “a nea” ba bang ho ba baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba molaetsa o molemo, ba bang badisa, ba bang baruti,


Empa wena o itshware dinthong tsohle, u tiisetse matshwenyeho, o etse mosebetsi wa ho phatlalatsa molaetsa o molemo, o phethe tshebetso ya hao hantle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ