Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 21:40 - BIBELE

40 Ha molaodi a mo dumeletse, Paulosi a ema mehatong e nyolohang ya monyako, a phoka setjhaba ka letsoho. Ha ho se ho kgutsitse tuu! a bua le bona ka Seheberu, a re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Eitse hobane a mo lesele, Pauluse ha a ntse a eme methating, a hwehla batho ka letsoho, mme ha ho itswe tu haholo, a bua ka puo ya Seheberu, a re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

40 Eitse hobane a mo dumelele, Pauluse a ema ditepising, mme a hwehla batho ka letsoho. Yare ha ho kgutsa haholo, a bua le bona ka puo ya Seheberu, a re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

40 Eitse hobane a mo dumelele, Pauluse a ema ditepising, mme a hwehla batho ka letsoho. Yare ha ho kgutsa haholo, a bua le bona ka puo ya Seheberu, a re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 21:40
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba banna bohle ba hlobola diaparo tsa bona ka potlako, ba mo alla tsona hodima mehato e nyolohang, ba letsa manaka, ba re: “Jehu ke kgosi!”


Kahodimo ho yena ho ne ho ena le lengolo le reng: enwa ke kgosi ya bajuda.


Ha Pilato a utlwa mantswe ana, a ntshetsa Jesu kantle, a dula setulong sa boahlodi sebakeng se bitswang Matlapeng, ka Seheberu ke Gabata.


A tsamaya a jere sefapano, a ya sebakeng se bitswang Lehata. Ka Seheberu se bitswa Gologotha.


Bajuda ba bangata ba bala lengolo leo, hobane sebaka seo Jesu a neng a thakgiseditswe ho sona se ne se le haufi le motse, mme le ne le ngotswe ka Seheberu, le ka Selatine, le ka Segerike.


Moo Jerusalema, haufi le Kgoro ya Dinku, ho na le letshana, le bitswang Bethestha ka Seheberu, le nang le mathule a mahlano.


Baahi bohle ba Jerusalema ba tseba taba ena, mme ka puo ya bona tshimo eo ba e bitsa Akeledama, e leng ho re: Tshimo ya Madi.


A ba phoka ka letsoho hore ba kgutse, a ba phetela kamoo Morena a mo ntshitseng tjhankaneng kateng, a ba a re: “Tsebisang Jakobo le badumedi ditaba tsena.” A tswa, a ya sebakeng se seng.


Paulosi a ema, a phoka ka letsoho, a re: “Banna ba Iseraele, le lona ba tshabang Modimo, mamelang!


Ba bang ba letshwele ba re Alekesandere a bue, ha Bajuda ba ntse ba mo sutumeletsa kapele. Alekesandere a phoka ka letsoho, a rata ho ikarabella ho letshwele.


Yare ha Paulosi a fihla mehatong e nyolohang, a tshwanela ho jarwa ke bahlabani ka baka la ho halefa ha letshwele,


Ha ba utlwa hore o bua le bona ka Seheberu, ba kgutsa le ho feta pele, mme a re:


Yare hoba bohle re wele fatshe, ka utlwa lentswe le re ho nna, ka Seheberu: ‘Saule! Saule! O ntlhorisetsang na? Ho thata ho wena ho raha ditsenene!’


Matsatsing ao, ha barutuwa ba ntse ba ngatafala, Bajuda ba buang Segerike ba ile ba ipelaetsa ka ba tswaletsweng Judea, ka hore bahlolohadi ba habo bona ba sekisetswa kabong ya dithuso tsa letsatsi le letsatsi.


Yaba dikgosi di bokellwa sebakeng se bitswang Haremagedone ka Seheberu.


Di ne di buswa ke kgosi eo e leng lengeloi la mohohlo o se nang pheletso, le bitswang Abadone ka Seheberu, athe ka Segerike lebitso la lona ke Apoleone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ