Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 21:34 - BIBELE

34 Jwale hara letshwele ba bang ba howa ntho ena, ba bang yane. Kaha molaodi a ne a sitwa ho tseba hoo e leng nnete ka baka la lerata, a laela hore Paulosi a iswe qhobosheaneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Empa ba bang ba ne ba howa ka hore, ba bang ka hore hara bongata. Mme ka hobane a ne a sitwa ho fihlela nnete ka baka la lerata, a laela hore a iswe qhobosheaneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

34 Ba bang hara bongata ba howa ntho e nngwe, ba bang esele, mme kahobane a ne a sitwa ho tseba nnete ka baka la lerata, a laela hore a iswe qhobosheaneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 Ba bang hara bongata ba howa ntho e nngwe, ba bang esele, mme kahobane a ne a sitwa ho tseba nnete ka baka la lerata, a laela hore a iswe qhobosheaneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 21:34
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale ba bang ba howa dintho tse fapaneng, hobane phutheho e ne e ferekane, mme bongata bo sa tsebe hore na bo phuthehetseng.


Ha a se a tla kenngwa ka qhobosheaneng, Paulosi a re ho molaodi wa ba sekete: “Na o ka ntumella ho buisana le wena?” Yaba eo o re: “Na o tseba Segerike?


Yaba molaodi wa ba sekete o laela hore Paulosi a kenngwe ka qhobosheaneng. A re hape a hlokofatswe ka ho shapuwa, hore a tle a tsebe hantle lebaka leo ba mo tlakang ka lona hakaalo.


Ka la hosasane, kaha a ne a lakatsa ho tseba hantle hore na Paulosi o qoswa kang ke Bajuda, a mo lokolla, a laela hore baprista ba baholo, le lekgotla lohle, ba phuthehe, a nto tlisa Paulosi, a mo emisa kapele ho bona.


Ha kgang e kgolo e loela, molaodi wa ba sekete, ka ho tshaba hore ba se tshohe ba tsekolla Paulosi, a laela hore bahlabani ba theohe, ba mo ntshe kahara letshwele, ba mo ise qhobosheaneng.


Empa motjhana wa Paulosi ha a utlwa tsa ho lallwa hoo, a ya, a kena qhobosheaneng, mme a tsebisa Paulosi.


Ka la hosasane ba maoto ba kgutlela qhobosheaneng, ba siya bapalami ho tswela pele le yena.


Ha ho letho le tiileng leo nka le ngollang kgosi ya ka. Ka baka leo, ke mo tlisitse kapele ho lona, haholoholo kapele ho wena, kgosi Ageripa, e le hore, ha ho se ho entswe hlahlobo ke tle ke be le seo nka se ngolang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ