Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 21:33 - BIBELE

33 Yaba molaodi wa ba sekete o a atamela, o tshwara Paulosi, o laela hore a tlangwe ka mahlaahlela a mabedi, a nto botsa hore na ke mang, mme o entseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Yaba molaodi wa sekete o atamela, a mo tshwara, a laela hore a tlangwe ka mahlaahlela a mabedi; a ntoo botsa hobane ke mang, le hoba seo a se entseng keng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

33 Yaba molaodi wa sekete o atamela, a mo tshwara, a laela hore a tlangwe ka mahlaahlela a mabedi; mme a botsa hore na ke mang, le hore na o entseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

33 Yaba molaodi wa sekete o atamela, a mo tshwara, a laela hore a tlangwe ka mahlaahlela a mabedi; mme a botsa hore na ke mang, le hore na o entseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 21:33
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bosiung boo Heroda a neng a tla tsoha a mo hlahisa ho setjhaba ka bona, Petrose o ne a robetse pakeng tsa bahlabani ba babedi, a tlamilwe ka mahlaahlela a mabedi, mme balebedi ba lebetse monyako wa tjhankana.


haese hore Moya o Halalelang o ntemosa hore motseng o mong le o mong, ditlamo le matshwenyeho di nkemetse.


A tla ho rona, a nka leqhama la Paulosi, a itlama maoto le matsoho ka lona, a re: “Moya o Halalelang o bolela tsena: ‘Bajuda ba tla tlama monga leqhama lena, tjena, kwana Jerusalema, ba neelane ka yena matsohong a baditjhaba.’ ”


Ba neng ba le lekgatheng la ho mo hlokofatsa, ba sutha hanghang ho yena. Le molaodi a tshoha ha a utlwa hore Paulosi ke Moroma, hobane o ne a se a mo tlamile.


Ka la hosasane, kaha a ne a lakatsa ho tseba hantle hore na Paulosi o qoswa kang ke Bajuda, a mo lokolla, a laela hore baprista ba baholo, le lekgotla lohle, ba phuthehe, a nto tlisa Paulosi, a mo emisa kapele ho bona.


“Ke ile ka ba araba ka ho re hase moetlo wa Baroma ho neelana ka moqosuwa a eso thulanngwe le baqosi ba hae, le ho newa sebaka sa ho ikarabella qosong ya hae.


Paulosi a re: “Leha e ka ba habonolo kapa hathata, ke rapela Modimo hore e se be wena feela, empa le bohle ba nkutlwang kajeno ba be seo ke leng sona, re fapane feela ka mahlaahlela ana.”


Ka baka lena he, ke le bitsitse ho le bona le ho buisana le lona, hobane ke ka baka la tshepo ya Iseraele ke tlamilweng ka mahlaahlela ana.”


Leha ke le ditlamong, ke ntse ke le leqosa la wona. Nthapelleng hore ke tle ke bue ka molaetsa ona ka sebete, jwalokaha ke tlamehile.


Ho a lokela hore ke be le maikutlo a jwalo ka lona bohle, kaha le le pelong ya ka kamehla, lona bohle ba nang le kabelo lehlohonolong la ka, leha ke le ditlamong, leha ke fumane sebaka sa ho buella kapa ho tiisa molaetsa o molemo.


Morena a ke a sitse ba lelapa la Onesiforose ka mohau wa hae, hobane ka makgetlo o ile a nkgatholla, mme ha a a ka a hlajwa ke dihlong ka baka la ho ba ditlamong ha ka.


oo ke hlokofatswang ka baka la wona, ke bileng ke leng ditlamong jwaloka sesenyi. Empa lentswe la Modimo lona ha le a tlangwa.


Ba bua ho yena, ba re: “Tjhe! Feela re tla o tlama ka thata, re neelane ke wena matsohong a bona, empa ruri re ke ke ra o bolaya.” Ba mo tlama ka mehala e mmedi, e metjha, mme ba nyoloha le yena ho tloha lehaheng.


Delila a nka mehala e metjha, a mo tlama ka yona, yaba o re ho yena: “Samosone, Bafilesita ke bao!” Banna ba laletseng ba ne ba le ka kamoreng e nngwe. Samosone a kgaola mehala e matsohong a hae jwalokaha eka ke kgwele feela.


Bafilesita ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, ba mo theolela Gasa. Ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, mme mosebetsi wa hae tjhankaneng, ya eba wa ho sila ka lelwala.


Mahosana a Bafilesita a tlisetsa Delila dikgwele tse supileng tsa seqha, tse ntjha, tse sa omiswang, yaba o mo tlama ka tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ