Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 21:27 - BIBELE

27 Ha matsatsi a supileng a se a ya fela, Bajuda ba tswang Asia, ha ba bona Paulosi ka Tempeleng, ba ferekanya letshwele lohle, ba mo tshwara.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Eitse ha matsatsi a supileng a le lekgatheng la ho fela, Bajuda ba Asia ba mmona tempeleng; yaba ba tsosa bongata bohle, ba mo tshwara,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 Eitse ha matsatsi a supileng a le haufi le ho fela, Bajuda ba Asia, ha ba mmona tempeleng, ba ferekanya letshwele lohle, ba mo tshwara.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Eitse ha matsatsi a supileng a le haufi le ho fela, Bajuda ba Asia, ha ba mmona tempeleng, ba ferekanya letshwele lohle, ba mo tshwara.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 21:27
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ho le ya mong ya kileng a ineella ho etsa bobe jwaloka Akabe. O ne a kgothaletswa ke Jesabele, mosadi wa hae.


“Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ofe kapa ofe, o tla dula a le sesila ka matsatsi a supileng.


“ ‘Ona ke molao wa mokgethwa wa Modimo. Ha matsatsi a kgalaletso ya hae a fetile, o tla tliswa monyakong wa Tente ya Morena.


“ ‘Haeba motho a eshwa hanghang pela moo mokgethwa a leng teng, mme a silafatsa hlooho ya hae e halaleditsweng, o tla beola hlooho ya hae mohla letsatsi la tlhwekiso ya hae; o tla beola ka letsatsi la bosupa.


“Empa pele ho tseo tsohle ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba neelane ka lona matlung a thapelo le ditjhankaneng, ba le ise pela mahosi le babusisi ka baka la lebitso la ka.


Empa Bajuda ba kenya moya ho basadi ba hlomphehang, ba hlomphang Modimo, le ho banna ba ka sehloohong ba motse, hore ba hlorise Paulosi le Baranabase, mme ba ba leleka naheng ya bona.


Yaba ho fihla Bajuda, ba etswa Antiokia le Ikonione, mme hoba ba kgodise matshwele, ba tlepetsa Paulosi ka majwe, ba mo hulanyetsa kantle ho motse, ba hloma eka o shwele.


Empa Bajuda ba sa dumeleng ba hlohleletsa, ba senya maikutlo a baditjhaba hore a hanane le badumedi.


Hara baditjhaba le Bajuda, hammoho le babusi ba bona, ha eba le morero wa ho ba etsa hampe le ho ba tlepetsa ka majwe.


Ba haola naheng ya Firigia le Galatia, kaha Moya o Halalelang o no ba hanetse ho bolela lentswe la Modimo Asia.


Empa Bajuda ba Thesalonika ha ba utlwa hore Paulosi o boletse lentswe la Modimo le Berea, le teng ba ya, ba tsosa moferefere, ba ferekanya matshwele.


Ha Galeo e le mmusisi wa Akaya, Bajuda ba tsohela Paulosi matla ka maikutlo a le mang, mme ba mo isa kgotla,


Re le Baparathia, le Bamedia, le Baelame, le baahi ba Mesopotamia, le ba Judea, le ba Kapadokia, le ba Pontose, le ba Asia;


ke sebeletsa Morena ka boikokobetso bohle le ka meokgo, le hara meleko e ileng ya ntlhahela ka baka la maraba a Bajuda.


Jwalokaha o ka tseba, ha ho eso fete matsatsi a leshome le metso e mmedi ho tloha ha ke nyolohela Jerusalema, ho ya kgumamela Modimo.


Ba mphumane ke le ka Tempeleng, ke itlhwekisitse, ho se na letshwele kapa moferefere.


Ke ka lebaka la tsena Bajuda ba ileng ba ntshwara ke le ka Tempeleng, mme ba leka ho mpolaya.


Ba ba tshwara, mme kaha e ne e se e le mantsiboya, ba ba hlahlela tjhankaneng ho fihlela ka la hosasane.


ba tshwara baapostola, ba ba hlahlela tjhankaneng ya setjhaba.


Ba fuduha setjhaba, le baholo, le Ditsebi tsa Molao, ba kgorohela Setefane, ba mo tshwara ba mo isa kgotla.


Jwale ha hlaha ba bang ba ntlo ya thapelo e bitswang ya Balokollwa, e leng ba Sirene, le ba Alekesanderia, le ba tswang Silesia le Asia, ba phehisana kgang le Setefane.


Maetong a ka a mangata ke bile dikotsing tsa dinoka, dikotsing tsa dinokwane, dikotsing tsa ba heso, dikotsing tsa baditjhaba, dikotsing metseng, dikotsing mafeelleng, dikotsing lewatleng, dikotsing tsa badumedi ba bohata.


Ba ntse ba re sitisa ho bua ho baditjhaba hore baditjhaba ba tle ba pholoswe. Sena ke sebe sa ho qetela sa tseo ba nnileng ba di etsa, mme jwale kgalefo ya Modimo e qeteletse e ba kgaoleditse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ