Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 20:7 - BIBELE

7 Yare ka tsatsi le qalang beke, ha re phuthehile ho ngwatha bohobe, Paulosi a buisana le ba phuthehileng. Kaha a ne a ikemiseditse ho tloha ka le hlahlamang, a bua ho fihlela e eba seroko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ka la pele la veke, eitse ha barutuwa ba phuthehile ho ngwatha bohobe, Pauluse ha a tla tsamaya hosasane, a buisana le bona, a isa halelele, ya ba ya eba bosiu bo boholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 Ka letsatsi la pele la beke, ha barutuwa ba phuthehile ho ngwatha bohobe, Pauluse a ba bolella molaetsa o molemo, a itokisetsa ho tloha hosasane. a tsoela pele ho bua ho fihlela har’a mp’a bosiu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Ka letsatsi la pele la beke, ha barutuwa ba phuthehile ho ngwatha bohobe, Pauluse a ba bolella molaetsa o molemo, a itokisetsa ho tloha hosasane a tsoela pele ho bua ho fihlela har’a mp’a bosiu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 20:7
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A o balla banna, le basadi, le batho ba nang le kutlwisiso; a o bala ho tloha hoseng ho fihlela motsheare o moholo, a le lebaleng le pela Monyako wa Metsi. Setjhaba sohle sa mamela ka hloko tse balwang Bukeng ya Molao.


Ba qeta dihora tse tharo ba ntse ba eme, ba ballwa Bukeng ya Molao wa Morena Modimo wa bona. Ka dihora tse ding tse tharo ba ipolela dibe, mme ba kgumamela Morena Modimo wa bona.


Hoba Jesu a tsohe kameso, ka letsatsi le qalang beke, a qala ka ho iponahatsa ho Maria wa Magadala, eo a neng a lelekile bademona ba supileng ho yena.


A nka bohobe, a leboha, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: “Hona ke mmele wa ka o fanwang ka baka la lona; etsang hona hore le tle le nkgopole.”


Le bona ba pheta tse etsahetseng leetong la bona, le kamoo ba ileng ba mo tseba kateng, ha a ngwatha bohobe.


Ka letsatsi le qalang beke, Maria wa Magadala a ya lebitleng kameso, ho sa le lefifi, mme a bona lejwe le tlositswe lebitleng.


Mantsiboyeng a letsatsi leo le qalang beke, ha menyako ya moo barutuwa ba neng ba le teng e notletswe ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a tla, a ema hara bona, a re ho bona: “Kgotso e be le lona!”


Kamora matsatsi a robedi, barutuwa ba hae ba ne ba le ka tlung hape, Thomase a ena le bona. Jesu a kena, menyako e ntse e notletswe, a ema hare, a re: “Kgotso e be le lona!”


Yare hoba a bone pono eo, hanghang ra batla ho ya Masedonia, re kgodisehile hore Modimo o re bitseditse ho ya bolela molaetsa o molemo teng.


Ba nna ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya bodumedi, le ho ngwathweng ha bohobe, le dithapelong.


Ka letsatsi le leng le le leng ba ba mmoho ka Tempeleng ba le maikutlo a le mang, ba kena ntlo ka nngwe ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ja dijo ka thabo le ka pelo tse tshweu.


A nyolohela kahodimo hape, mme a ngwatha bohobe, a ja, a nna a bua halelele ho fihlela bo esa, a nto itsamaela.


Ka baka leo, fadimehang, le nne le hopole hore, ka lemo tse tharo, ha ke a ka ka phetsa ho eletsa e mong le e mong ka meokgo motsheare le bosiu.


Ba re etella pele, ba ya re emela Terowase.


Yaba mohlankana e mong ya bitswang Eutukose, ya neng a dutse fesetereng, o ya le sephume sa boroko ha Paulosi a ntse a buisana le bona nako e telele. A hlolwa ke boroko, a wela fatshe a le mokatong wa boraro wa ntlo e kahodimo, mme a nkwa a se a shwele.


Ha ba se ba mo kgethetse letsatsi, ba bangata ba tla ho yena, moo a dulang teng. A ba hlalosetsa, a paka tsa Mmuso wa Modimo. Ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya a leka ho ba kgodisa ka tsa Jesu, a ipapisitse le Molao wa Moshe le Baporofeta.


Na senwelo se hlohonolofaditsweng, seo re se lebohang, hase se re abelang madi a Kreste na? Le bohobe boo re bo ngwathang, na hase mokgwa wa ho abelwa mmele wa Kreste na?


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona, mme mohau wa Modimo ho nna ha o a ka wa fetoha lefeela. Ke sebeditse ho feta baapostola bohle, le hoja e se ka bonna, e le ka mohau wa Modimo o ho nna.


Ka tsatsi le qalang beke, e mong le e mong wa lona a bee ho hong kathoko ha hae, ho ya kamoo a sitsitsweng kateng; dikoleke di etswe ke eso fihle.


Phatlalatsa lentswe, o pheelle ho le bolela, ebang le a amohelwa kapa ha le amohelwe; nyatsa, kgalemela, kgothatsa, o ntse o ruta ka mamello yohle.


Ka letsatsi la Morena, ka tlalwa ke Moya wa Modimo, mme kamora ka ka utlwa lentswe le phahameng, le kang modumo wa terompeta,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ