Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 20:6 - BIBELE

6 Hoba ho fete matsatsi a mokete wa bohobe bo sa lomoswang, ra kena ka sekepeng, ra tloha Filipi, mme kamora matsatsi a mahlano ra fihla ho bona, Terowase; teng ra hlola matsatsi a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Haele rona, ra kena sekepeng motseng wa Filipi, matsatsi a mahobe a se nang ditomoso ha a se a fetile, mme ra ya ba fihlela Troase kamora matsatsi a mahlano, ra ba ra dula teng matsatsi a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Haele rona, ra tloha Filipi ka sekepe, kamora matsatsi a mahobe a se nang ditomoso, mme ra fihla Troase ka matsatsi a mahlano. ra hlola teng matsatsi a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Haele rona, ra tloha Filipi ka sekepe, kamora matsatsi a mahobe a se nang ditomoso, mme ra fihla Troase ka matsatsi a mahlano ra hlola teng matsatsi a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 20:6
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“O tla etsa mokete wa bohobe bo sa lomoswang; ka matsatsi a supileng o je bohobe bo sa lomoswang, jwalokaha ke o laetse, ka nako e beilweng, ka kgwedi ya Mmesa, hobane ke ka yona o tswileng naheng ya Egepeta. “Ho se be ya tla hlaha kapele ho nna a itsolokile.


“O boloke mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Ka matsatsi a supileng o tla ja bohobe bo sa lomoswang, jwalokaha ke o laetse, ka nako e beilweng, ka kgwedi ya Mmesa, hobane o tswile Egepeta ka kgwedi eo ya Mmesa.


Yare ha a bona hore taba eo e kgahlile Bajuda, a eketsa ka ho tshwara Petrose. E ne e le matsatsi a mokete wa bohobe bo sa lomoswang.


Yare hoba a bone pono eo, hanghang ra batla ho ya Masedonia, re kgodisehile hore Modimo o re bitseditse ho ya bolela molaetsa o molemo teng.


Ho tloha moo ra ya Filipi, e leng motse wa sehlooho wa karolo eo ya Masedonia, o buswang ke Roma. Ra qeta matsatsinyana motseng oo.


Paulosi o ne a rerile ho feta feela Efese, hore a tle a se ke a dieha Asia, hobane o ne a itlhahaneletse ho ba Jerusalema ka letsatsi la Pentekonta, ha ho ka etsahala.


Ba re etella pele, ba ya re emela Terowase.


Ra fumana barutuwa, mme ra hlola moo matsatsi a supileng. Ka tshusumetso ya Moya ba bolella Paulosi hore a se ke a nyolohela Jerusalema.


Ka la hosasane ra tloha, mme ra fihla Sesaria. Ra kena ha mmoledi Filipi, e mong wa ba supileng ba neng ba kgethwe Jerusalema, ra hlola le yena.


Teng ra fumana badumedi. Ba re rapela hore re hlole matsatsi a supileng le bona. Qetellong ra fihla Roma.


Nna Paulosi, le Timothea, bahlanka ba Kreste Jesu, re dumedisa badumedi bohle bao e leng ba Kreste Jesu, ba leng Filipi, le baokamedi, le basebeletsi ba kereke, re re:


Kamoo le tsebang kateng, ha re le motseng wa Filipi, re ne re sa tswa hlokofatswa, re etswa hampe, empa ka thuso ya Modimo wa rona re ile ra ba sebete ho le bolella molaetsa o molemo wa Modimo, hara kganyetso e kgolo.


Ha o etla o ntlele le kobo eo ke e siileng Terowase, ha Karapose; le dibuka, haholoholo tsa matlalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ