Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 20:25 - BIBELE

25 “Jwale bonang, ke a tseba hore lona bohle bao ke tsamaileng hara lona ke ntse ke phatlalatsa tsa Mmuso, ha le sa tla bona sefahleho sa ka hape.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Mme jwale bonang, ke a tseba hobane, haele lona kaofela, bao ke tsamaileng ke bolela Evangeli hara lona, ha ho e mong ya tla boela a bone sefahleho sa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 Jwale, bonang, ke a tseba hobane lona bohle bao ke tsamaileng hara lona ke ntse ke bolela tsa mmuso wa Modimo, ha le sa tla hlola le bona sefahleho sa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Jwale, bonang, ke a tseba hobane lona bohle bao ke tsamaileng hara lona ke ntse ke bolela tsa mmuso wa Modimo, ha le sa tla hlola le bona sefahleho sa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 20:25
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le ye, le ntse le phatlalatsa, le re: ‘Mmuso wa mahodimo o atametse.’


Mang le mang ha a utlwa lentswe la Mmuso wa Modimo, mme a sa le utlwisise, E Mobe o ye a tle, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae; enwa ke yona peo e jetsweng ka tseleng.


A re ho bona: “Ka baka leo, Setsebi se seng le se seng sa Molao se rutilweng tsa Mmuso wa mahodimo se tshwana le monga ntlo ya ntshang tse ntjha le tsa kgale letlotlong la hae.”


Ho tloha nakong eo, Jesu a qala ho ruta, a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”


Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a teng, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle setjhabeng.


“Ho bile le Molao le Baporofeta ho fihlela ho Johanne; ho tloha mohlang oo molaetsa o molemo wa Mmuso wa Modimo o a bolelwa, mme e mong le e mong o o kena ka dikgoka.


Jesu a re ho yena: “Lesa bafu ba pate bafu ba bona, empa wena eya, o phatlalatse Mmuso wa Modimo.”


Se ileng sa ba utlwisa bohloko haholo ke polelo eo a ileng a e bolela, ya hore ha ba sa tla hlola ba bona sefahleho sa hae hape. Yaba ba mo felehetsa ho mo isa sekepeng.


A phatlalatsa tsa Mmuso wa Modimo, a ruta tsa Morena Jesu Kreste ka sebete, ho se na thibelo.


Empa ha Filipi a se a ba bolelletse molaetsa o molemo wa tsa Mmuso wa Modimo le tsa lebitso la Jesu Kreste, ba dumela, mme ha kolobetswa banna le basadi.


Empa jwale ke phethile mosebetsi wa ka dibakeng tsena, mme erekaha e se e le dilemo tse ngata ke ntse ke lakatsa ho le etela,


Dikereke tsa Kreste tse Judea di ne di eso bone sefahleho sa ka;


Ke rata ha le ka tseba kamoo ke le lwanetseng haboima kateng, lona, le baahi ba Laodisea, le ba bang ba bangata ba sa tsebeng le sefahleho sa ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ