Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 20:2 - BIBELE

2 Yare ha a fetile dibakeng tseo, mme a kgothaditse batho ba teng ka puo e telele, a ya Gerike.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ha a se a qetile naha eo, mme a kgothaditse baena ka dipolelo tse ngata, a ya naheng ya Bagerike.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 Yare ha a haola le dibaka tseo, mme a ba kgothaditse haholo, a fihla Greece.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Yare ha a haola le dibaka tseo, mme a ba kgothaditse haholo, a fihla Greece.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 20:2
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla koba Juda sa ha ke koba seqha. Efraime yena e be motsu wa sona. Ke tla hlohleletsa bara ba Sione, ke ba etse sabole ya mohlabani, ba futuhele bara ba Bagerike.”


A nna a kgothatsa le ka ditaba tse ding tse ngata, a ntse a bolella batho molaetsa o molemo.


Ba matlafatsa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa tumelong, ba re: “Eka kgona re kene Mmusong wa Modimo ka ho feta hara matshwenyeho a mangata.”


A feta le Siria le Silesia, a ntse a matlafatsa dikereke.


Ho tloha moo ra ya Filipi, e leng motse wa sehlooho wa karolo eo ya Masedonia, o buswang ke Roma. Ra qeta matsatsinyana motseng oo.


Ha ba fetile Amfipolese le Apolonia, ba fihla Thesalonika, moo ho neng ho ena le ntlo ya thapelo ya Bajuda.


Hanghang badumedi ba thobisetsa Paulosi le Silase Berea, bosiu. Hoba ba fihle teng, ba kena ka tlung ya thapelo ya Bajuda.


A paka le ka mantswe a mang a mangata, a ba kgothatsa, a re: “Ipholoseng molokong ona o kgopo!”


Ha moferefere o kgaoditse, Paulosi a bitsa barutuwa, a ba kgothatsa, a ba dumedisa, yaba o ya Masedonia.


A nyolohela kahodimo hape, mme a ngwatha bohobe, a ja, a nna a bua halelele ho fihlela bo esa, a nto itsamaela.


A hlola teng dikgwedi tse tharo. Ha a se a tla tshelela Siria ka sekepe, Bajuda ba mo lalla, mme a rera ho kgutla ka la Masedonia.


Empa ke tla le etela haufinyane, ha Morena a rata, mme ke tla iphumanela hore na matla a baikgohomosi bao a makae, ho fapana le puo tsa molomo,


Ke yena eo re phatlalatsang tsa hae. Re ntse re lemosa batho bohle, mme re ba ruta bohlale bohle, hore re tle re ba hlahise e le ba phethehileng ho Kreste Jesu.


Le a tseba hore re ile ra tshwara e mong le e mong wa lona hantle, jwalokaha ntata a tshwara bana ba hae.


Kgothatso ya rona ha e etswe ka phoso, kapa ka morero o ditshila, kapa ka mano,


Jwale he, bana beso, le utlwile ka rona mokgwa oo le tshwanetseng ho phela le ho kgahlisa Modimo ka wona. Ka Morena Jesu, re a le kopa, mme re a le rapela hore le phele jwalo, le nne le atlehe le ho feta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ