Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 20:1 - BIBELE

1 Ha moferefere o kgaoditse, Paulosi a bitsa barutuwa, a ba kgothatsa, a ba dumedisa, yaba o ya Masedonia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse hobane moferefere ona o kokobele, Pauluse a bitsa barutuwa, a ba dumedisa, a ntoo tloha, a ya Masedonia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Eitse hobane moferefere o kokobele, Pauluse a bitsa barutuwa, a ba kopa, a ntoo tloha, a ya Masedonia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Eitse hobane moferefere o kokobele, Pauluse a bitsa barutuwa, a ba kopa, a ntoo tloha, a ya Masedonia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 20:1
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mahlo a Iseraele a ne a se a le lerootho ke boqheku, a sitwa ho bona. Josefa a ba tlisa pela hae, yaba Iseraele o a ba aka, mme a ba kopa ka matsoho.


mme hoba a mo fumane, a mo tlisa Antiokia. Ha fela selemo se tletseng ba ntse ba phutheha le kereke, ba ruta letshwelehadi. Ke hona Antiokia moo barutuwa ba qadileng ho bitswa Bakreste teng.


Ho tloha moo ra ya Filipi, e leng motse wa sehlooho wa karolo eo ya Masedonia, o buswang ke Roma. Ra qeta matsatsinyana motseng oo.


Paulosi a hlahelwa ke pono bosiu. A bona monna e mong wa Masedonia a eme pela hae, a mo rapela, a re: “Ako tshelele Masedonia, o re thuse!”


Hoba tsena di phethahale, Paulosi a rera ka pelong ya hae ho feta Masedonia le Akaya ho ya Jerusalema, a re: “Ha ke se ke fihlile teng, eka kgona ke etele le Roma.”


Paulosi a theoha, a itihela hodima hae, a mo hlasinya, a re: “Le se ke la tshoha, hobane o ntse a phela.”


Yare ha a fetile dibakeng tseo, mme a kgothaditse batho ba teng ka puo e telele, a ya Gerike.


A hlola teng dikgwedi tse tharo. Ha a se a tla tshelela Siria ka sekepe, Bajuda ba mo lalla, mme a rera ho kgutla ka la Masedonia.


Ha eba le seboko se seholo ho bohle, ba kopa Paulosi ka molala, mme ba mo aka.


Tsena di tlile ka matla a mehlolo le a dimakatso, ka matla a Moya wa Modimo. Ka tsela eo ke phatlaladitse molaetsa o molemo wa Kreste ka botlalo, ho tloha Jerusalema, ke potoloha, ke ya fihla Ilorikone.


Dumedisanang ka kako e halalelang. Dikereke tsohle tsa Kreste di a le dumedisa.


Bana babo rona bohle ba a le dumedisa. Dumedisanang ka kako e halalelang.


Ke tla feta le ho lona ha ke potolohile Masedonia, hobane ke ntse ke potoloha Masedonia.


Dumedisanang ka kako e halalelang. Badumedi bohle ba a le dumedisa.


Yare hoba re fihle Masedonia, ra se ke ra phomola, empa ra tshwenyeha ka mekgwa yohle, ra ba hara diqabang, mme tshabo ya eba teng dipelong tsa rona.


Dumedisang bana babo rona bohle ka kako e halalelang.


Jwalokaha ke se ke ile ka u kgothaletsa ha ke eya Masedonia, o nne o dule Efese, o tle o laele ba bang hore ba se ke ba ruta thuto esele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ