Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 2:41 - BIBELE

41 Ba ileng ba dumela molaetsa wa hae, ba kolobetswa, mme ka lona letsatsi leo badumedi ba eketseha ka ba ka bang dikete tse tharo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Yaba ba amohetseng polelo ya hae ka thabo ba kolobetswa, mme barutuwa ba ekeletswa tsatsing leo ka batho ba dikete tse batlileng ho ba tharo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

41 Jwale ba amohetseng lentswe la hae ba kolobetswa, mme ka lona letsatsi leo ba ekeletswa ka batho ba ka bang dikete tse tharo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 Jwale ba amohetseng lentswe la hae ba kolobetswa, mme ka lona letsatsi leo ba ekeletswa ka batho ba ka bang dikete tse tharo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 2:41
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Setjhaba sa hao se tla ithaopa, mohla o futuhelang dira tsa hao. Jwaloka phoka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho wena maralleng a halalelang.


Kannetenete, ke a le bolella, ya dumelang ho nna, le yena o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang, a etse le e fetang ena, hobane ke ya ho Ntate.


Simone Petrose a hlwella ka sekepeng, a hulela lebopong letlowa le tletseng ditlhapi tse kgolo, tse lekgolo le mashome a mahlano a metso e meraro, empa leha di ne di le ngata hakaalo, letlowa ha le a ka la taboha.


Matsatsing ao Petrose a ema hara badumedi ba ka bang lekgolo le mashome a mabedi ka palo, a re:


Yare ha baditjhaba ba utlwa ba thaba, mme ba tlotlisa lentswe la Morena. Bohle ba kgethetsweng bophelo bo sa feleng ba dumela.


Yare ha ba utlwa ba ameha maikutlo, ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: “Re etse jwang, banna ba heso?”


Ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle, mme ka letsatsi le letsatsi Morena a eketsa phutheho ka ba pholoswang.


Ka sekepeng re ne re le batho ba makgolo a mabedi le mashome a supileng a metso e tsheletseng.


Mang le mang ya sa tlo mamela Moporofeta eo, o tla timetswa ho hang setjhabeng.’


Empa ba bangata ba utlwileng lentswe la Modimo ba dumela, mme palo ya batho bao e ne e ka ba dikete tse hlano.


Yaba Josefa o romela ho bitsa ntatae Jakobo le bang ka yena bohle, e le batho ba mashome a supileng a metso e mehlano.


Motho ka mong a ikokobeletse borena bo mo okametseng, hobane ha ho borena haese bo tswang ho Modimo, mme bo leng teng bo beilwe ke Modimo.


Lona le ile la fetoha baetsisi ba rona le ba Morena, mme hara matshwenyeho a mangata la amohela lentswe la hae ka thabo e tswang ho Moya o Halalelang.


Ke meya e neng e sa ka ya mamela Modimo, ha yena a ne a e mameletse halelele mehleng eo Nowe a neng a haha areka ka yona. Ka areka, ba seng bakae feela, e leng ba robedi, ba ile ba pholoswa metsing.


Lengeloi la bobedi la qhalla lefiswana la lona lewatleng, mme lewatle la fetoha madi a kang a motho ya qetang ho shwa. Yaba dintho tsohle tse phelang lewatleng di a shwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ