Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 2:30 - BIBELE

30 Empa kaha e ne e le moporofeta, mme a tseba hore Modimo o mo hlapanyeditse, hore ka peo ya letheka la hae, o tla hlahisa ya tla dula setulo sa hae sa borena,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Empa erekaha e ne e le moporofeta, mme a tseba hobane Modimo o mmaletse ka kano hore Kreste, ka nama, o tla tswa mofuteng wa hae, a be a dule teroneng ya hae;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

30 Ka baka leo, kaha e ne e le moporofeta, mme a tseba hore Modimo o ne a mo hlapanyeditse ka nama, hore o ne a tla hlahisa Kreste teroneng ya hae ka tholwana ya letheka la hae;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Ka baka leo, kaha e ne e le moporofeta, mme a tseba hore Modimo o ne a mo hlapanyeditse ka nama, hore o ne a tla hlahisa Kreste teroneng ya hae ka tholwana ya letheka la hae;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 2:30
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Moya wa Morena o buile ka ho nna, lentswe la hae la ba lelemeng la ka.


Ka baka lena, Morena ke yena ya tla le etsetsa sesupo. Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emanuele.


Se tla sebeletsa Morena, Modimo wa sona, se sebeletse Davida, kgosi ya sona, yena eo ke tla mmea ho ba kgosi ya sona.


“Ha e le wena Betlelehema Eferata, leha o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla tswa mmusi wa Iseraele, eo leloko la hae le qalehileng kgale, la qaleha mehleng ya baholoholo.”


A re ho bona: “Ke ka baka lang ha Davida, ka tataiso ya Moya, a mmitsa Morena, a re:


Yare hoba ba mo thakgise, ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho,


Davida, ka tataiso ya Moya o Halalelang, o ile a re: “ ‘Morena o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao.’


Jwale a re ho bona: “Ke wona mantswe a ka, ao ke ileng ka le bolella wona ha ke sa na le lona, hore eka kgona ho phethahale tsohle tse ngotsweng Molaong wa Moshe, le Baporofeteng, le Dipesalemeng ka nna.”


“Banna ba heso, e ne eka kgona ho phethahale Mangolo a neng a bolelwe e sa le pele ke Moya o Halalelang, ka molomo wa Davida, ha a ne a bua ka Judase ya neng a etelle pele ba neng ba tshware Jesu.


Molaetsa oo o bua ka Mora wa Modimo, eo ho ya ka nama, a tswetsweng lelokong la Davida;


Esaya le yena o re: “Ho tla tla setloholo sa Jese, se tla bewa ho busa baditjhaba, mme baditjhaba ba tla se tshepa.”


Hopola Jesu Kreste, setloholo sa Davida, ya tsohileng bafung, ho ya ka molaetsa o molemo wa ka


Mehleng ya kgale Modimo o ile a bua le bo-ntata rona ka baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka mekgwa e mengata,


Ka baka leo, jwalokaha Moya o Halalelang o bolela: “Kajeno ha le utlwa lentswe la hae,


Ka hona Modimo o boetse o kgethile letsatsi le leng, leo a reng ke: “Kajeno”. Ha ho se ho fetile dilemo tse ngata, mme a bua ka molomo wa Davida, o sebedisa mantswe a seng a boletswe, o re: “Kajeno ha le utlwa lentswe la hae, se thatafatseng dipelo tsa lona.”


Ke moo Modimo a tiisitseng ka kano, kaha a ne a rata ho bontsha kahohlehohle majalefa a ditshepiso hore morero wa hae ha o fetohe.


Jesu yena o etseditswe kano ke ya itseng ka yena: “Morena o ikanne, mme ha a ka ke a kweneha: ‘O moprista ka ho sa feleng.’ ”


hobane ha ho eso be boporofeta bo kileng ba tla ka thato ya motho le ka mohla, empa e bile ka ho susumetswa ke Moya o Halalelang batho ba ileng ba bolela tse tswang ho Modimo.


Di tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla di hlola, hobane yona ke Morena wa marena, le Kgosi ya dikgosi. Ba bitsitsweng, ba kgethilweng, ba tshepahalang, le bona ba tla hlola hammoho le yona.”


Hodima seaparo sa hae, le hodima serope sa hae, ho ngotswe lebitso lena: “Kgosi ya dikgosi, le Morena wa marena.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ