Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 2:27 - BIBELE

27 o ke ke wa ntlohela Nqalong ya Bafu, o ke ke wa lesella Motshepuwa wa hao, wa mo lesella ho bolla lebitleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Hobane o ke ke wa tlohela moya wa ka nqalong ya bafu; mokgethwa wa hao o ke ke wa mo lesa hore a bone ho bola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 Hobane o ke ke wa tlohela moya wa ka diheleng, mme o ke ke wa lesa Mohalaledi wa hao a bona ho bola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Hobane o ke ke wa tlohela moya wa ka diheleng, mme o ke ke wa lesa Mohalaledi wa hao a bona ho bola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 2:27
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Marapo a lefu a ne a ntlamile, maraba a Nqalo ya Bafu a ntshwasitse, ka ba matswalong le maswabing.


o ke ke wa ntlohela Nqalong ya Bafu, o ke ke wa lesela motshepuwa wa hao, wa mo lesella ho bolla lebitleng.


Ba kgannelwa Nqalong ya Bafu jwaloka dinku; lefu e tla ba modisa wa bona. Ba tla theohela lebitleng, sebopeho sa bona se tla senyeha; Nqalo ya Bafu e tla ba leaho la bona.


Ho nna mohau wa hao o moholo, ke wena ya ntopolotseng botebong ba Nqalo ya Bafu.


Thebe ya rona ke ya Morena, kgosi ya rona ke ya Ya Halalelang wa Iseraele.


Ke ne ke tebile, ke le tlase ho dithaba, mekwallo ya Nqalo ya Bafu e nkwalletse ruri; empa wena Morena Modimo wa ka, o mpholositse Nqalong eo ya Bafu.


Na le wena Kaperenauma, “ebe o tla phahamisetswa lehodimong? O tla theohela tlase lebitleng! “Hoja diketso tse hlollang tse entsweng kahare ho wena di ne di entswe kahara Sodoma, motse oo o ka be o sa le teng le kajeno-ya-bokajeno.


a re: “O re kene kang, Jesu wa Nasaretha? Na o tlilo re timetsa? Ke a tseba hore na o mang: O Ya Halalelang wa Modimo!”


Lengeloi la mo araba, la re: “Moya o Halalelang o tla theohela ho wena, matla a Ya Hodimodimo a be hodima hao; ka baka leo, eo o tla mo tswala o tla bitswa ya Halalelang, Mora wa Modimo.


Ha a phahamisa mahlo a le ditlhokofatsong, Nqalong ya Bafu, a bona Aborahama a le hole, Lasaro a le sefubeng sa hae.


Jwale a re ho bona: “Ke wona mantswe a ka, ao ke ileng ka le bolella wona ha ke sa na le lona, hore eka kgona ho phethahale tsohle tse ngotsweng Molaong wa Moshe, le Baporofeteng, le Dipesalemeng ka nna.”


“Wee! O re kene kang, Jesu wa Nasaretha? Na o tlile ho re timetsa? Ke a tseba hore na o mang: o Ya Halalelang wa Modimo.”


Jesu a re: “Tlosang letlapa.” Maretha, kgaitsedi ya ya shweleng, a re ho yena: “Morena, o se a nkga, hobane e se e le letsatsi la bone a shwele.”


Kahoo pelo ya ka e nyakaletse, leleme la ka le bina dithoko, le mmele wa ka o tla phomola ka tshepo;


O mpontshitse ditsela tsa bophelo. Ha o ena le nna ke tla nyakalla.’


o ile a bona hona e sa le pele, mme a bua ka tsoho ya Kreste, a re: “ ‘Ha a a ka a tlohelwa Nqalong ya Bafu, le mmele wa hae ha o a ka wa bola.’


Empa lona le hanne Ya Halalelang, Ya Lokileng, la kopa hore le lokollelwe monna wa mmolai.


“Ruri, motseng ona, Heroda le Pontiuse Pilato, le baditjhaba, le merabe ya Iseraele, ba kopane ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng,


hanghang, ka ho panya ha ntshi, ha ho lla terompeta ya mehla ya bofelo, hobane terompeta e tla lla, bafu ba tla tsoha ba se ke ba bola, mme rona re tla fetoha.


Wena lefu, tlholo ya hao e hokae? Wena lefu, motsu wa hao o hokae?”


Empa lona le na le Moya o Halalelang oo le o neilweng ke Kreste, mme bohle le tseba nnete.


ke nna ya phelang. Ke ne ke shwele, empa ke nna enwa ke phela kamehla le mehla. Ke tshwere dinotlolo tsa lefu le tsa Nqalo ya Bafu.


Lewatle la hlatsa bafu ba lona, Lefu le Nqalo ya Bafu tsa ntsha bafu ba tsona, mme e mong le e mong a ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya hae.


“Ngolla moruti wa kereke e Filadelfia, o re: “Tsena di bolelwa ke Ya Halalelang, ya nang le nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ha a butse, ha ho ya tla kwala, ha a kwetse, ha ho ya tla bula;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ