Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 2:22 - BIBELE

22 “Lona banna ba Iseraele, utlwang mantswe ana: Jwalokaha le lona le tseba, Jesu wa Nasaretha e ne e le monna ya neng a pakwe ke Modimo ho lona, ka diketso tse matla, le ka dimakatso le ka mehlolo eo Modimo a e entseng ka yena hara lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Banna ba Iseraele, utlwang taba tsena: Jesu wa Nasaretha, monna eo le mo supisitsweng ke Modimo ka diketso tse matla, le ka meeka, le ka mehlolo eo Modimo o e entseng ka yena hara lona, jwalokaha le tseba le lona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Lōna banna ba Iseraele, utloang mantsoe ana; Jesu wa Nasaretha, monna ya hlatsetsweng ke Modimo hara lona ka mehlolo, le meeka, le mehlolo, eo Modimo o e entseng ka yena hara lona, jwalokaha le tseba le lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Lōna banna ba Iseraele, utloang mantsoe ana; Jesu wa Nasaretha, monna ya hlatsetsweng ke Modimo hara lona ka mehlolo, le meeka, le mehlolo, eo Modimo o e entseng ka yena hara lona, jwalokaha le tseba le lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 2:22
42 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“O se ke wa tshaba, wena Jakobo, sebokonyana, wena Iseraele wa motwantwanyane; ke nna ya tla o thusa,” ho rialo Morena, Molopolli wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele.


Empa haeba ke leleka bademona ka Moya wa Modimo, ruri Mmuso wa Modimo o fihlile ho lona.


a ya aha motseng o bitswang Nasaretha, e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke baporofeta hore o tla bitswa Monasaretha.


Yare ha matshwele a bona hoo, a tshoha, mme a tlotlisa Modimo ya neileng batho matla a jwalo.


Empa ha ke leleka bademona ka monwana wa Modimo, ruri Mmuso wa Modimo o fihlile ho lona.


Ba se bolella hore Jesu wa Nasaretha o a feta.


E mong wa bona, ya bitswang Keleopase, a mo araba, a re: “Na ebe ke wena feela o leng moeti moo Jerusalema, ya sa tsebeng tse etsahetseng teng matsatsing aa?”


Filipi a fumana Nathanaele, mme a re ho yena: “Re fumane eo Moshe a ngotseng ka yena Molaong, le baporofeta ba ngotseng ka yena, e leng Jesu, mora Josefa wa Nasaretha.”


Haeba ke sa etse mesebetsi ya Ntate, le se ke la ntumela,


Jwale baprista ba baholo le Bafarisi ba bitsa lekgotla, ba re: “Re tla etsang ha e le moo monna eo a etsa mehlolo e mengata?


Jwale letshwele le neng le ena le yena ha a bitsa Lasaro lebitleng, a mo tsosa bafung, le ne le paka hoo.


Ha ke ne ke sa ka ka etsa mesebetsi hara bona, eo ho seng le ya mong ya e entseng, ba ka be ba se na sebe, empa jwale ba bone, mme ba hloile rona le Ntate.


Pilato a ngola le lengolo, a le maneha hodima sefapano. Ho ne ho ngotswe, ho thwe: JESU WA NASARETHA, KGOSI YA BAJUDA.


A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: “Rabbi, re a tseba hore o moruti ya tswang ho Modimo, hobane ha ho ya ka etsang mehlolo ena eo o e etsang, ha Modimo a se na le yena.”


Jesu a re ho lona: “Ha le sa bone dipontsho le mehlolo ha le ka ke la dumela.”


“Empa nna ke na le bopaki bo fetang ba Johanne, hobane mesebetsi eo Ntate a nneileng yona hore ke e phethe, yona mesebetsi eo ke e etsang, e a mpakela hore Ntate o nthomile;


Jwale ha batho ba bona mohlolo oo a o entseng, ba re: “Kannete enwa ke yena moporofeta ya lokelang ho tla lefatsheng.”


Le se ke la sebeletsa dijo tse senyehang, empa le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora Motho a tla le nea tsona, hobane Modimo Ntate o mo neile matla.”


Empa ba bangata letshweleng ba ile ba dumela ho yena, ba re: “Ha Kreste a etla, na o tla etsa mehlolo e mengata ho feta e entsweng ke eo?”


Ha motho enwa a ne a sa tswe ho Modimo, o ne a ke ke a etsa letho.”


Paulosi a ema, a phoka ka letsoho, a re: “Banna ba Iseraele, le lona ba tshabang Modimo, mamelang!


Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba beha tsohle tseo Modimo a di entseng ka bona, le hore o buletse baditjhaba monyako wa tumelo.


Ke tla etsa dimakatso hodimo, lehodimong, le mehlolo tlase, lefatsheng: madi, le mollo, le mouwane wa mosi.


Bohle ba tshoha, hobane baapostola ba ne ba etsa dimakatso le mehlolo e mengata.


Ba howa, ba re: “Banna ba Iseraele, thusang! Monna enwa ke yena ya rutang batho bohle, kahohle, thuto e lwantshanang le setjhaba, Molao le Nqalo ena; ebile o kentse Bagerike ka Tempeleng, o silafaditse Nqalo ena e halalelang.”


“Ka araba, ka re: ‘O mang, Morena?’ “Yaba o re ho nna: ‘Ke nna Jesu wa Nasaretha, eo o mo hlorisang.’


“Re fumana monna enwa a le kotsikotsi, a fehla moferefere hara Bajuda lefatsheng lohle, e bile e le moetapele wa mokga wa Banasaretha.


Kgosi e tseba tsena tsohle; ke ka baka leo ke buang ka sebete, hobane ke kgolwa hore ha ho letho le patilweng ho yona, hobane ha di a etsetswa sephiring.


“Jwale le nna ke ne ke hopotse hore ke tshwanetse ho etsa dintho tse ngata tse lwantshanang le lebitso la Jesu wa Nasaretha.


Petrose ha a bona hoo, a re ho bona: “Banna ba Iseraele, keng ha le makalla taba ee? Le re tadimelang jwalokaha eka ke ka matla a rona, kapa ka borapedi ba rona, re entseng hore monna eo a tsamaye?


Jwale Petrose a re: “Ha ke na silefera kapa kgauta, empa seo ke nang le sona ke o fa sona. Ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha ema, o tsamaye!”


ho ke ho tsejwe ke lona bohle, le ke setjhaba sohle sa Iseraele, hore ke ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, eo lona le mo thakgisitseng, eo Modimo a mo tsositseng bafung. Ke ka lebitso lena monna enwa a emeng kapele ho lona, a fodile.


A nto re ho lekgotla: “Banna ba Iseraele, hlokomelang seo le hopotseng ho se etsa ho banna bana.


Re mo utlwile a re: ‘Jesu enwa wa Nasaretha o tla senya Nqalo ena, a fetole meetlo eo Moshe a re neileng yona!’ ”


Tse bonahatsang hore ke moapostola wa nnete di entswe hara lona ka mamello yohle: ke mehlolo, dimakatso, le diketso tse matla.


Modimo le yena o ho pakile ka mehlolo, le dimakatso, le diketso tse matla tsa mefutafuta, le ka dineo tsa Moya o Halalelang, tseo a di abang ka ho ya ka thato ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ