Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 2:14 - BIBELE

14 Yaba Petrose, a ena le ba leshome le motso o mong, o a ema, o phahamisa lentswe, o re ho bona: “Banna ba Judea, le lona baahi bohle ba Jerusalema, tsebang sena, mme le mamele mantswe a ka ka tsebe e lethwethwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Yaba Petrose o ema le ba leshome le motso o mong, a phahamisa lentswe, a bua, a re: Banna ba Judea, le lona bohle ba aheletseng Jerusalema, tsebang, mme le mamele ditaba tsa ka hantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Empa Petrose a ema le ba leshome le motso o mong, a phahamisa lentswe, a re ho bona: Banna ba Judea, le lona bohle ba ahileng Jerusalema, taba ena e ke e tsejwe ke lona, mme le mamele dipolelo tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Empa Petrose a ema le ba leshome le motso o mong, a phahamisa lentswe, a re ho bona: Banna ba Judea, le lona bohle ba ahileng Jerusalema, taba ena e ke e tsejwe ke lona, mme le mamele dipolelo tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 2:14
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Jwale, bana ba ka, mmameleng! Ho lehlohonolo ba tsamayang tseleng tsa ka.


Wena Sione, ya tlisang molaetsa o molemo, nyolohela thabeng e phahameng. Wena Jerusalema, ya tlisang molaetsa o molemo, howeletsa haholo o se na tshabo. Bolella metse ya Juda, o re: “Bonang, Modimo wa lona ke enwa!”


“Lona ba labalabelang ho loka, mmameleng, le lona ba batlang Morena: Tadimang lefika leo le kgephotsweng ho lona, le morafo oo le tjhekilweng ho wona.


“Lona batho ba ka, a le ke le mamele! Lona tjhaba sa ka ntshekeheleng tsebe! Molao o le tsamaisang o tla tswa ho nna, kahlolo ya ka e be sedi le bonesetsang ditjhaba.


“Lona ba tsebang se lokileng, mamelang! Lona tjhaba se tsebang molao wa ka, tjhaba seo molao wa ka o leng ka pelong tsa sona: Le se ke la tshaba ha batho ba le nyefola, kapa la tshoswa ke mahlapa a bona.


Mamelang, bohodi tsa lona di a howeletsa, di howeletsa hammoho ka thabo, hobane ka mahlo a tsona di a bona, di bona ha Morena a kgutlela Sione.


Le senyetsang tjhelete ka tseo e seng bohobe? Dintho tse sa kgotsofatseng, keng ha le di sebeletsa ka thata? Mmameleng ka hloko, le je tse molemo, meya ya lona e ithabise ka tse monate.


“Howeletsa haholo, o se ke wa kgaotsa; howa haholo jwalokaha ho letswa lenaka. Bolella setjhaba sa ka ditshito tsa sona, ntlo ya Jakobo o e bolelle dibe tsa yona.


“Letsa lenaka, o hlabe mokgosi! Ntsu ke eo e ubella Moreneng, hobane tjhaba se sentse, sa senya selekane sa ka, sa ba sa tlola le molao wa ka.


Hoba Jesu a tswallwe Betlelehema e Judea, mehleng ya kgosi Heroda, ha fihla Jerusalema Ba Bohlale ba tswang botjhabela,


Ba kgetha ka lotho, la ntsha Matiase, yaba o balellwa le baapostola ba leshome le motso o mong.


Paulosi a ema, a phoka ka letsoho, a re: “Banna ba Iseraele, le lona ba tshabang Modimo, mamelang!


“Lona banna ba Iseraele, utlwang mantswe ana: Jwalokaha le lona le tseba, Jesu wa Nasaretha e ne e le monna ya neng a pakwe ke Modimo ho lona, ka diketso tse matla, le ka dimakatso le ka mehlolo eo Modimo a e entseng ka yena hara lona.


Ba howa, ba re: “Banna ba Iseraele, thusang! Monna enwa ke yena ya rutang batho bohle, kahohle, thuto e lwantshanang le setjhaba, Molao le Nqalo ena; ebile o kentse Bagerike ka Tempeleng, o silafaditse Nqalo ena e halalelang.”


A nto re ho lekgotla: “Banna ba Iseraele, hlokomelang seo le hopotseng ho se etsa ho banna bana.


Setefane a re: “Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang! Modimo ya tlotlehang o ile a iponahatsa ho ntata rona Aborahama ha a sa le Mesopotamia, a eso ahe Kgarane;


Moshe, a ena le baprista, e leng Balevi, a bua le Baiseraele bohle, a re: “Tsie lala! Mamelang, lona Baiseraele! Ka letsatsi lena le se le le setjhaba sa Morena Modimo wa lona.


Mamelang, bana beso ba ratehang. Na hase Modimo ya kgethileng bao e leng mafutsana mahlong a lefatshe, hore e be barui tumelong, le majalefa a Mmuso oo a o tshepisitseng ba mo ratang?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ