Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 19:8 - BIBELE

8 Ka dikgwedi tse tharo Paulosi a nna a kena ka tlung ya thapelo ya Bajuda. A bua ka sebete, a arabisana le bona, mme a ba kgodisa ka tsa Mmuso wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Pauluse a kena sinagogeng, a bua a sa tshabe, a fetolana le Bajuda ka dikgwedi tse tharo, a ba kgodisa tabeng tsa mmuso wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

8 Yaba o kena sinagogeng, a bua ka sebete ka kgwedi tse tharo, a ntse a ruta, a kgodisa ditaba tsa mmuso wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Yaba o kena sinagogeng, a bua ka sebete ka kgwedi tse tharo, a ntse a ruta, a kgodisa ditaba tsa mmuso wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 19:8
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamora tlhokofatso ya hae, o ile a iponahatsa ho bona a phela, ka bopaki bo bongata, ba nnete; ba mmona ka matsatsi a mashome a mane, a ntse a bua ka tsa Mmuso wa Modimo.


Bona ba phunyeletsa ho tloha Perege, ho ya fihla Antiokia e Pisidia. Ba kena ka tlung ya thapelo ka letsatsi la Sabatha, ba dula fatshe.


Yaba Paulosi le Baranabase ba bua ka sebete, ba re: “Ho ne ho tshwanetse hore lentswe la Modimo le bolelwe ho lona pele, empa erekaha le le hana, le ikahlola hore ha le lokelwe ke bophelo bo sa feleng; bonang, re ya ho baditjhaba.


Ha etsahala hore ha Paulosi le Baranabase ba le Ikonione, ba kene hammoho ka tlung ya thapelo ya Bajuda. Ba bua hoo palo e kgolo ya Bajuda le Bagerike e ileng ya dumela.


Kahoo ka tsatsi le leng le le leng a buisana le Bajuda ba tshabang Modimo ka tlung ya thapelo, le ba ka tshohang ba eba teng lebaleng la motse.


Jwale ba theohela Efese, moo a ileng a ba siya teng. Empa yena a kena ka tlung ya thapelo, mme a buisana le Bajuda.


A qala ho bua ka sebete ka tlung ya thapelo, mme ha Prisilla le Akulase ba mo utlwile ba mo isa ha bona, ba mo hlalosetsa Tsela ya Modimo ka hloko e fetang.


A buisana le batho ka tlung ya thapelo ka Sabatha se seng le se seng, a leka ho kgodisa Bajuda le Bagerike.


Hona ha etsahala ka lemo tse pedi, hoo bohle ba ahileng Asia, Bajuda le Bagerike, ba ileng ba utlwa lentswe la Morena.


Banna bao kaofela ba ne ba ka ba leshome le metso e mmedi.


Empa ha ba bang ba ithatafatsa dipelo, ba hana ho dumela, mme ba bua hampe ka Tsela ya Morena kapele ho badumedi bohle, a tloha ho bona a tsamaya le barutuwa ba hae. A buisana le batho ka tsatsi le leng le le leng sekolong sa Tiranose.


Ka baka leo, fadimehang, le nne le hopole hore, ka lemo tse tharo, ha ke a ka ka phetsa ho eletsa e mong le e mong ka meokgo motsheare le bosiu.


Ha ba se ba mo kgethetse letsatsi, ba bangata ba tla ho yena, moo a dulang teng. A ba hlalosetsa, a paka tsa Mmuso wa Modimo. Ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya a leka ho ba kgodisa ka tsa Jesu, a ipapisitse le Molao wa Moshe le Baporofeta.


Baratuwa, ke ne ke tjhesehela ho le ngolla ka ho pholoswa hoo e leng ha rona bohle. Jwale ka ikutlwa ke tlameha ho le ngolla, ke le kgothatsa ho lwanela tumelo e neilweng bahalaledi hanngwe feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ