Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 19:29 - BIBELE

29 Motse wa tlala pherekano, mme batho ba phallela lebaleng la dipapadi mmoho, ba tshwere banna ba babedi, Gaiose le Arisetarekose, ba tswang Masedonia, ba neng ba feleheditse Paulosi leetong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Motse kaofela wa ba wa tlala moferefere; ba phallela theatereng hammoho hobane ba tshware Gaiuse le Aristarke, banna ba Masedonia, balekane ba Pauluse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

29 Mme motse wohle wa tlala moferefere, mme ba phakisa ba le pelo e le nngwe lebaleng, ba tshwara Gaiase le Aristarke, banna ba Masedonia, balekane ba Pauluse, ba tsamaya le Pauluse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Mme motse wohle wa tlala moferefere, mme ba phakisa ba le pelo e le nngwe lebaleng, ba tshwara Gaiase le Aristarke, banna ba Masedonia, balekane ba Pauluse, ba tsamaya le Pauluse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 19:29
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha ba fihla Salamise, ba phatlalatsa lentswe la Modimo matlung a thapelo a Bajuda. Ba ne ba ena le Johanne, e le mothusi wa bona.


Ho tloha moo ra ya Filipi, e leng motse wa sehlooho wa karolo eo ya Masedonia, o buswang ke Roma. Ra qeta matsatsinyana motseng oo.


Paulosi a hlahelwa ke pono bosiu. A bona monna e mong wa Masedonia a eme pela hae, a mo rapela, a re: “Ako tshelele Masedonia, o re thuse!”


Ba ferekanya letshwele le bo-ramotse ba utlwang ditaba tsena,


Hoba tsena di phethahale, Paulosi a rera ka pelong ya hae ho feta Masedonia le Akaya ho ya Jerusalema, a re: “Ha ke se ke fihlile teng, eka kgona ke etele le Roma.”


Kahoo a roma batlatsi ba hae ba babedi, e leng Timothea le Erasetose, ho ya Masedonia; yena a ka a sala Asia nakwana.


Jwale ba bang ba howa dintho tse fapaneng, hobane phutheho e ne e ferekane, mme bongata bo sa tsebe hore na bo phuthehetseng.


Le lona le a tseba hore matsoho ana a ile a sebeletsa seo nna, le bao ke neng ke ena le bona, re neng re se hloka.


A felehetswa ke Sopaterose, mora wa Purose wa Berea, Arisetarekose le Sekundose ba Thesalonika, Gaiose wa Derebe, le Timothea, Tikikose le Terofimose ba Asia.


Motse wohle wa hlokoleha, batho ba phalla, ba tshwara Paulosi, ba mo hulela kantle ho Tempele, mme hanghang menyako ya kwalwa.


Na ha o Moegepeta elwa eo maobanyana moo a neng a tsose moferefere, a isa banna ba kete di nne ba babolai nahathothe?”


Ra kena ka sekepeng se tswang Adaramutinose, se neng se eya metseng e lebopong la Asia, re ena le Arisetarekose, wa Thesalonika, motse wa Masedonia, yaba re a tloha.


Gaiose, eo ke leng moeti wa hae, eo le kereke yohle e phuthehelang ha hae, o a le dumedisa. Erasetose, ramatlotlo wa motse, le ngwanabo rona Kuaretose, ba a le dumedisa.


Ke leboha Modimo ha e le mona ke sa kolobetsa le ya mong wa lona, haese Kerisepose le Gaiose.


Ke bona e ka rona baapostola, Modimo o re entse ba ho qetela, jwaloka ba ahloletsweng lefu. Re fetohile sebonwang-se-bonwa-ke-bohle ho lefatshe, ho mangeloi le ho batho.


Ho feta moo, o bile o kgethilwe ke dikereke hore a tsamaye le rona mosebetsing ona wa mohau oo re o etsetsang tlotliso ya Morena, ho bontsha thahasello ya rona.


Le dumediswa ke Arisetarekose eo re leng ditlamong le yena, le Mareka motswala Baranabase, eo le seng le fumane ditaelo tse amanang le yena. Mo amoheleng, haeba a ka tla ho lona.


Le bo-Mareka, le Arisetarekose, le Demase, le Luka, bao re sebetsang mmoho le bona, ba a o dumedisa.


Nna, moholo wa Kereke, ke dumedisa Gaiose, motswalle wa ka, eo ke mo ratang kannete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ