Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 19:21 - BIBELE

21 Hoba tsena di phethahale, Paulosi a rera ka pelong ya hae ho feta Masedonia le Akaya ho ya Jerusalema, a re: “Ha ke se ke fihlile teng, eka kgona ke etele le Roma.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Kamora tseo, Pauluse a rera, ka kgopotso ya Moya, ho ya Jerusalema, ka tsela ya Masedonia le ya Akaea, a re: Etlare ha ke ile teng, e ka kgona ke bone le Roma.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 Eitse hobane taba tseo di phethehe, Pauluse a rera moyeng, ha a haola le Masedonia le Akaia, ho ya Jerusalema, a re: Etlare hobane ke fihle teng, eka kgona ke bone le Roma.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Eitse hobane taba tseo di phethehe, Pauluse a rera moyeng, ha a haola le Masedonia le Akaia, ho ya Jerusalema, a re: Etlare hobane ke fihle teng, eka kgona ke bone le Roma.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 19:21
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya ka bolelang ntho, ya etsahala, ke mang, haeba ntho eo e sa laolwa ke Morena?


Ho tloha moo ra ya Filipi, e leng motse wa sehlooho wa karolo eo ya Masedonia, o buswang ke Roma. Ra qeta matsatsinyana motseng oo.


Ha Galeo e le mmusisi wa Akaya, Bajuda ba tsohela Paulosi matla ka maikutlo a le mang, mme ba mo isa kgotla,


a mpa a ba dumedisa, a re: “Ke tla boela ho lona ha Modimo a rata.” A tloha Efese ka sekepe.


Kahoo a roma batlatsi ba hae ba babedi, e leng Timothea le Erasetose, ho ya Masedonia; yena a ka a sala Asia nakwana.


Motse wa tlala pherekano, mme batho ba phallela lebaleng la dipapadi mmoho, ba tshwere banna ba babedi, Gaiose le Arisetarekose, ba tswang Masedonia, ba neng ba feleheditse Paulosi leetong.


Paulosi o ne a rerile ho feta feela Efese, hore a tle a se ke a dieha Asia, hobane o ne a itlhahaneletse ho ba Jerusalema ka letsatsi la Pentekonta, ha ho ka etsahala.


“Jwale bonang, ke ya Jerusalema ke susumetswa ke Moya, ke sa tsebe tse tla ntlhahela teng,


Ha re fihla Jerusalema, badumedi ba re amohela ka thabo.


Ra fumana barutuwa, mme ra hlola moo matsatsi a supileng. Ka tshusumetso ya Moya ba bolella Paulosi hore a se ke a nyolohela Jerusalema.


Ka bosiu bo hlahlamang, Morena a tla ho yena, a re: “Beta pelo, hobane jwalokaha o mpakile Jerusalema, eka kgona o mpake jwalo le Roma.”


Ha ho se ho rerilwe hore re tshele ka sekepe ho ya Italia, Paulosi le batshwaruwa ba bang ba neelwa molaodi e mong wa ba lekgolo, ya bitswang Juliase, wa lebotho le bitswang la Motlotlehi.


la re: ‘Paulosi, o se ke wa tshaba; o loketse ho ya hlaha kapele ho Sesare, mme ka baka la hao, Modimo o tla pholosa bohle ba tsamayang le wena ka sekepe.’


Ha re fihla Roma, Paulosi a dumellwa ho dula a le mong le mohlabani ya mo lebelang.


Ke hlolohetswe ho le bona, hore ke le abele neo e nngwe ya Moya, le tle le matlafatswe.


Bana beso, ke rata ha le tseba hore ke rerile ka makgetlo ho le etela, empa ho fihlela jwale ke sa hlotswe. Ke ne ke rata hore le hara lona ke tle ke fumane ditholwana tsa mosebetsi wa ka, jwaloka ditjhabeng tse ding.


ke ka hona ke nang le tjheseho ya ho bolella le lona ba leng Roma molaetsa o molemo.


Ke tla feta le ho lona ha ke potolohile Masedonia, hobane ke ntse ke potoloha Masedonia.


Empa ke tla le etela haufinyane, ha Morena a rata, mme ke tla iphumanela hore na matla a baikgohomosi bao a makae, ho fapana le puo tsa molomo,


Re tla bolela molaetsa o molemo le dinaheng tse ka nqane ho lona, re sa ithorise ka mosebetsi o seng o entswe dibakeng tsa ba bang.


Ha ho se ho fetile dilemo tse leshome le metso e mene, ka boela ka nyolohela Jerusalema, ke ena le Baranabase, le Tite a tsamaya le rona.


Kahoo le fetohile mohlala ho badumedi bohle ba Masedonia le ba Akaya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ