Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 19:19 - BIBELE

19 Ba bangata ba neng ba loya ba bokella dibuka, ba di tjhesa pontsheng ya bohle. Ha ba kopanya theko ya dibuka, ba fumana e le dikete tse mashome a mahlano tsa silefera.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Le ba bangata ba neng ba tshepile ditaba tsa bonohe, ba tlisa dibuka tsa bona, ba di tjhesa pela bohle; ha ho lekanngwa theko ya tsona, ha fihlelwa hoba e lekane le ditjhelete tsa silefera tse dikete tse mashome a mahlano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Le ba bangata ho ba neng ba sebelisa boloi ba bokella libuka tsa bona, ba li chesa pela batho bohle; ha ba bala theko ea tsona, ba fumana e le likotoana tsa silevera tse likete tse mashome a mahlano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Le ba bangata ho ba neng ba sebelisa boloi ba bokella libuka tsa bona, ba li chesa pela batho bohle; ha ba bala theko ea tsona, ba fumana e le likotoana tsa silevera tse likete tse mashome a mahlano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 19:19
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba nea Jakobo medimo esele kaofela ha yona, le masale a neng a le ditsebeng tsa bona; tsena tsohle Jakobo a di tjhekela tlasa sefate sa eike, pela Shekeme.


Yaba Saule o shwa ka baka la ditshito tsa hae, tseo a ileng a sitelwa Morena ka tsona, e leng ho se boloke ditaelo tsa Morena, le ho batla dikeletso ho mathuela.


A etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba hae, ka kgohlong ya mora wa Hinome. A loya, a noha, a sebedisa baloi, le ba buang le bafu, le dinohe. A etsa bobe bo boholo mahlong a Morena, a mo halefisa.


A nka namane eo ba neng ba e entse, a e tjhesa mollong, a e sila ho fihlela e eba phofo, a e tshela metsing, yaba o nwesa bana ba Iseraele metsi ao.


Jwale Faro le yena a bitsa banna ba bohlale le dingaka, mme ka malepa a tsona dingaka tsa Egepeta le tsona tsa etsa jwalo.


Ka malepa a tsona dingaka tsa Egepeta le tsona tsa etsa jwalo, mme pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a mamela jwalokaha Morena a ne a ile a bolela.


Medimo ya lona ya bohata, e manehilweng silefera, le medimo ya lona ya ditshwantsho, e manehilweng kgauta, le tla e silafatsa, le e lahle jwaloka lesela la lehatlelo, le re ho yona: “Tlohang mona!”


Ha batho ba re le yo botsa ho ba buisanang le bafu le ho baloi ba hweshetsang, ba beraberang, na batho ha ba tshwanele ho botsa Modimo wa bona, ho ena le hore ba phelang ba botse bafu?


Yaba kgosi e laela hore e bitsetswe dinohe, le balepi ba dinaledi, le baloi, le Bakalatiya, hore ba tlo e hlalosetsa toro eo e e lorileng. Ba fela ba tla, ba fihla ba ema kapele ho kgosi.


Moprista o tla tjhesa seaparo sena sa lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlo efe le efe e entsweng ka letlalo, e nang le lefu lena. Ke lepera le tshwaetsang. Seaparo seo se tla tjheswa ka mollo.


Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong ho lona, ya sa teleng maruo a hae wohle, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.”


“Kapa ke ofe mosadi ya nang le didrakema tse leshome, eo ekareng ha a ka lahlehelwa ke drakema e le nngwe, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a batla ka tlhokomelo, ho fihlela a e fumana?


Ha ba se ba tsamaile le sehlekehleke sohle ho ya fihla Pafose, ba fumana monna e mong wa senohe, e le moporofeta wa bohata, wa Mojuda, ya bitswang Barejesu.


Empa Elemase wa senohe, kaha lebitso la hae le hlaloswa jwalo, a ba hanyetsa, a batla ho kgelosa mmusisi tumelong.


Ba bangata ba badumedi ba tla, ba bolela diketso tsa bona tsa boloi pepeneneng.


Le ile la utlwela batlamuwa bohloko; la dumela ho amohuwa maruo a lona le thabile, le ntse le tseba hore le na le leruo le leng le molemo ho feta, le sa senyeheng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ