Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 19:13 - BIBELE

13 Bajuda ba bang ba baleleri, ba lelekang meya e mebe, le bona ba leka ho bitsa lebitso la Morena Jesu hodima ba nang le meya e mebe, ba re: “Ke le laela ka lebitso la Jesu ya bolelwang ke Paulosi.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba Bajuda ba bang, e leng dingaka tse reng di ntsha batemona, tse sollang hohle, ba leka ho bitsa lebitso la Morena Jesu hodima ba kenweng ke meya e mebe, ba re: Re a le laela ka Jesu ya bolelwang ke Pauluse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Jwale Bajuda ba bang ba lelekang meya e mebe, ba sollang hohle, ba leka ho bitsa lebitso la Morena Jesu hodima ba kenweng ke meya e mebe, ba re: “Re a le laela ka Jesu eo Pauluse a mo bolelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Jwale Bajuda ba bang ba lelekang meya e mebe, ba sollang hohle, ba leka ho bitsa lebitso la Morena Jesu hodima ba kenweng ke meya e mebe, ba re: “Re a le laela ka Jesu eo Pauluse a mo bolelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 19:13
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha o lema, mobu o ke ke wa hlola o o atlehisa ka tse tswang ho wona. O tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng.”


Bona, kajeno o ntelekile naheng ena, mme nke ke ka hlola ke bona sefahleho sa hao. Ke tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng, mme ho tla etsahala hore ya mponang a mpolaye.”


Empa kgosi ya re ho yena: “Eka kgona ke o laele hakae hore o se mpolelle letho, haese nnete feela, ka lebitso la Morena?”


Bana ba hae ba lelere, e be mekopakopa, ba lelekwe thakong tsa habo bona.


Haeba nna ke leleka bademona ka Beele-Sebule, bara ba lona ba ba leleka ka mang? Ka baka leo, e tla ba bona baahlodi ba lona.


Empa Jesu a kgutsa. Moprista e Moholo a re ho yena: “Ke re o hlapanye ka Modimo ya phelang, o re bolelle hore na o Kreste, Mora Modimo.”


A howa ka lentswe le phahameng, a re: “O nkene kang, Jesu, Mora wa Modimo ya hodimodimo? Ke o rapela ka lebitso la Modimo hore o se ke wa ntlhokofatsa.”


Johanne a re ho yena: “Moruti, re bone e mong a leleka bademona ka lebitso la hao, mme ra mo thibela, hobane a sa re latele.”


Haeba nna ke leleka bademona ka Beele-Sebule, bara ba lona, ba ba leleka ka mang? Ka baka leo, e tla ba bona baahlodi ba lona.


Johanne a bua, a re: “Monghadi, re bone e mong a leleka bademona ka lebitso la hao, mme ra mo thibela, kahobane a sa o latele jwaloka rona.”


Ba etsang hona e ne e le bara ba supileng ba Moprista e Moholo wa Mojuda ya bitswang Sekefa.


Le fela le mamella ka thabo ha e mong a etla ho lona, a le tsebisa Jesu osele, eo re sa kang ra le tsebisa yena; kapa ha le amohela moya osele, ho fapana le oo le seng le o amohetse; kapa molaetsa o molemo osele, ho fapana le oo le seng le o amohetse.


Mohlang oo, Joshua a nea Jeriko thohako ena, a re: “Morena a rohake motho, motho ya tla ema, a tsose marako a motse ona wa Jeriko; ka lefu la mora hae wa matsibolo a etse motheo wa wona, ka lefu la mora hae wa lethopo a hahe menyako ya wona.”


Ka letsatsi leo, banna ba Baiseraele ba ne ba lapile, empa Saule a hlapantsha setjhaba, a re: “Ho rohakehe monna ya tla ja dijo kajeno, pele ho phirima, mme ke eso iphetetse ho dira tsa ka.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ