Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 19:10 - BIBELE

10 Hona ha etsahala ka lemo tse pedi, hoo bohle ba ahileng Asia, Bajuda le Bagerike, ba ileng ba utlwa lentswe la Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Taba tseo tsa nna tsa eba jwalo ka dilemo tse pedi, bohle ba ahileng Asia ba ba ba utlwa lentswe la Morena Jesu, Bajuda le Bagerike.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Seo sa etsahala ka dilemo tse pedi; hoo bohle ba ahileng Asia ba bileng ba utlwa lentswe la Morena Jesu, Bajuda le Bagerike.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Seo sa etsahala ka dilemo tse pedi; hoo bohle ba ahileng Asia ba bileng ba utlwa lentswe la Morena Jesu, Bajuda le Bagerike.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 19:10
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha mmusisi a bona se etsahetseng, a dumela, a makalla thuto ya Morena.


Ba haola naheng ya Firigia le Galatia, kaha Moya o Halalelang o no ba hanetse ho bolela lentswe la Modimo Asia.


A dula moo selemo le kgwedi tse tsheletseng a ntsa ruta lentswe la Modimo hara bona.


A buisana le batho ka tlung ya thapelo ka Sabatha se seng le se seng, a leka ho kgodisa Bajuda le Bagerike.


Ka mokgwa oo lentswe la Morena la ata, mme la matlafala.


Kahoo a roma batlatsi ba hae ba babedi, e leng Timothea le Erasetose, ho ya Masedonia; yena a ka a sala Asia nakwana.


Ka dikgwedi tse tharo Paulosi a nna a kena ka tlung ya thapelo ya Bajuda. A bua ka sebete, a arabisana le bona, mme a ba kgodisa ka tsa Mmuso wa Modimo.


Re le Baparathia, le Bamedia, le Baelame, le baahi ba Mesopotamia, le ba Judea, le ba Kapadokia, le ba Pontose, le ba Asia;


Ha ba fihla ho yena, a re ho bona: “Le a tseba kamoo ke phetseng le lona kateng ka nako yohle, ho tloha ka tsatsi la pele leo ka lona ke qadileng ho bea leoto lefatsheng la Asia,


Ka baka leo, fadimehang, le nne le hopole hore, ka lemo tse tharo, ha ke a ka ka phetsa ho eletsa e mong le e mong ka meokgo motsheare le bosiu.


Jwale ha hlaha ba bang ba ntlo ya thapelo e bitswang ya Balokollwa, e leng ba Sirene, le ba Alekesanderia, le ba tswang Silesia le Asia, ba phehisana kgang le Setefane.


Ha ke hlajwe ke dihlong ho bolela molaetsa o molemo, hobane wona ke matla a Modimo, a pholosang mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena moditjhaba.


Ha ho kgethollo pakeng tsa Mojuda le moditjhaba, hobane Kreste ke yena Morena wa bohle, ya ruisang bohle ba mo rapelang.


Empa ke a botsa: Na ha ba a ka ba utlwa? Ba fela ba utlwile. “Lentswe la bona le utlwahetse lefatsheng lohle, mme dipolelo tsa bona di fihlile dipheletsong, di fihlile pheletsong tsa lefatshe.”


Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.


Kahoo ha ho sa le moditjhaba kapa Mojuda, ya bolotseng kapa ya sa bollang, ya hlaha, ya tala, lekgoba le molokolohi, empa ho na le Kreste feela; ke yena tsohle, mme o ho bohle.


O a tseba hore bohle naheng ya Asia, esita le Fugelose le Heremogenese, ba ile ba nkwenehela.


Nna Petrose, moapostola wa Jesu Kreste, ke dumedisa bakgethwa, bao e leng bajaki ba qhalakaneng dinaheng tsa Pontose, Galatia, Kapadokia, Asia le Bithinia,


le reng: “Seo o se bonang, o se ngole bukeng, mme o e romelle dikereke tse supileng, e leng e Efese, e Semirna, e Peregamose, e Thiatira, e Saredeise, e Filadelfia, le e Laodisea.”


Nna Johanne, ke dumedisa dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla; le ke meya e supileng e emeng kapele ho terone ya hae;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ