Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 19:1 - BIBELE

1 Ha Apolosi a ntse a le Korinthe, Paulosi yena a tsamaya hodima dihlaba, a ya fihla Efese, mme a fumana barutuwa ba bang hona teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse ha Apolose a sa le Korinthe, Pauluse a haola dinaha tsa Asia tse kahodimo, a tla Efese, mme teng a fihlela barutuwa ba bang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Eitse ha Apolose a ntse a le Korinthe, Pauluse ha a haola le naha e ka hodimo, a fihla Efese;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Eitse ha Apolose a ntse a le Korinthe, Pauluse ha a haola le naha e ka hodimo, a fihla Efese;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 19:1
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamora tsena, Paulosi a tloha Athene, a ya Korinthe.


Jwale Kerisepose, mookamedi wa ntlo ya thapelo, a dumela ho Morena, yena le lelapa la hae lohle. Le ba bangata ba Bakorinthe ha ba utlwa, ba dumela, mme ba kolobetswa.


Bohle ba phelang Efese, Bajuda le Bagerike, ha ba utlwa taba ena, kaofela ba tshoha, mme lebitso la Morena Jesu la tumiswa.


Le a bona, mme le a utlwa hore Paulosi enwa o re medimo e entsweng ke batho hase medimo, mme o kgelositse letshwelehadi, e seng mona Efese feela, empa e batla e le Asia yohle.


Paulosi o ne a rerile ho feta feela Efese, hore a tle a se ke a dieha Asia, hobane o ne a itlhahaneletse ho ba Jerusalema ka letsatsi la Pentekonta, ha ho ka etsahala.


Ha ba fihla ho yena, a re ho bona: “Le a tseba kamoo ke phetseng le lona kateng ka nako yohle, ho tloha ka tsatsi la pele leo ka lona ke qadileng ho bea leoto lefatsheng la Asia,


Ba ne ba ile ba bona pele ho moo Terofimose wa Efese a ena le Paulosi motseng, ba hopola eka Paulosi o ile a mo kenya ka Tempeleng.


Seo ke se bolelang ke hore e mong wa lona o re: “Nna ke wa Paulosi,” e mong: “Nna ke wa Apolosi,” e mong: “Nna ke wa Kefase,” e mong hape: “Nna ke wa Kreste.”


Haeba ke lwanne e mahlomafubedu mona Efese ka mabaka a botho feela, ke ruileng ka hoo? Haeba bafu ba sa tsohe, “a re jeng, re inwelleng, hobane hosasane re tla be re shwele.”


Ha e le ngwanabo rona Apolosi, ke mo kopile haholo hore a tle ho lona le bana babo rona, empa e ne e se thato ya hae ho hang ho tla hona jwale. O tla tla mohla a fumanang sebaka.


Ke tla ba mona Efese ho fihlela ka Pentekonta,


Jwale, bana beso, ke tshwantshitse tsena ka rona le Apolosi ka baka la lona, e le hore le tle le ithute ka rona ho se feteletse se ngotsweng. Ho se be ya itjang ka e mong, empa a nyedisa e mong.


Nna Paulosi, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, ke dumedisa badumedi ba leng Efese, ba tshepahalang ho Kreste Jesu, ke re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ