Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 18:9 - BIBELE

9 Jwale Morena a bua le Paulosi ka pono, bosiu, a re: “O se ke wa tshaba, empa o nne o bue, o se ke wa kgutsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Morena a bolella Pauluse bosiu, ka pono, a re: Se tshabe, o hlo o bue, o se ke wa kgutsa;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

9 Morena a bua le Pauluse bosiu ka pono, a re: Se tshabe, o mpe o bue, o se ke wa kgutsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Morena a bua le Pauluse bosiu ka pono, a re: Se tshabe, o mpe o bue, o se ke wa kgutsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 18:9
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Howeletsa haholo, o se ke wa kgaotsa; howa haholo jwalokaha ho letswa lenaka. Bolella setjhaba sa ka ditshito tsa sona, ntlo ya Jakobo o e bolelle dibe tsa yona.


“Ka baka leo, wena itlame letheka, o eme, o bue le tjhaba seo, o se bolelle tsohle tseo ke o laelang tsona. O se ke wa tshaba ha o se bona, esere ka o tshosa o le kapela sona.


Wa atamela ho nna ha ke ipiletsa, wa re ho nna: “O se ke wa tshaba!”


“Tsamaya, o ye Ninife, motseng o moholo, o yo o phatlalletsa molaetsa oo ke o bolellang wona.”


Empa nna ruri ke na le matla, Moya wa Morena o ka hare ho nna; o nthutile toka, wa mpha le sebete ho bolella Jakobo ditlolo tsa hae, le ho bolella Iseraele sebe sa hae.


Paulosi a hlahelwa ke pono bosiu. A bona monna e mong wa Masedonia a eme pela hae, a mo rapela, a re: “Ako tshelele Masedonia, o re thuse!”


Ke na le wena, mme ha ho ya tla o lwantsha, le ho o etsa hampe, hobane ke na le batho ba bangata motseng ona.”


Ka bona Morena, mme a re ho nna: ‘Phakisa o tlohe Jerusalema kapelepele, hobane ha ba ka ke ba amohela bopaki boo o mpakang ka bona.’


Ka bosiu bo hlahlamang, Morena a tla ho yena, a re: “Beta pelo, hobane jwalokaha o mpakile Jerusalema, eka kgona o mpake jwalo le Roma.”


Ho ne ho ena le morutuwa e mong Damaseka, ya bitswang Ananiase; Morena a mmolella ka pono, a re: “Ananiase!” Yena a re: “Ke nna enwa, Morena!”


Na ha ke motho ya lokolohileng? Na ha ke moapostola? Ana ha ke a ka ka bona Jesu, Morena wa rona? Na lona ha le tholwana ya mosebetsi wa ka ho Morena?


Kamoo le tsebang kateng, ha re le motseng wa Filipi, re ne re sa tswa hlokofatswa, re etswa hampe, empa ka thuso ya Modimo wa rona re ile ra ba sebete ho le bolella molaetsa o molemo wa Modimo, hara kganyetso e kgolo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ