Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 18:27 - BIBELE

27 Yare ha a rera ho ya Akaya, badumedi ba mo kgothaletsa, mme ba ngolla barutuwa hore ba mo amohele. Ha a se a fihlile, a ba le thuso e kgolo ho bao e bileng badumedi ka mohau wa Modimo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Yare ha a rata ho fetela Akaea, baena ba ngolla barutuwa, ba ba kgothatsa hore ba mo amohele. Eitse ha a fihla ho bona, a thusa haholo ba dumetseng ka mohau wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 Eitse ha a rata ho fetela Akaia, baena ba ngola, ba kgothatsa barutuwa hore ba mo amohele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Eitse ha a rata ho fetela Akaia, baena ba ngola, ba kgothatsa barutuwa hore ba mo amohele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 18:27
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Matsatsing ao Petrose a ema hara badumedi ba ka bang lekgolo le mashome a mabedi ka palo, a re:


mme hoba a mo fumane, a mo tlisa Antiokia. Ha fela selemo se tletseng ba ntse ba phutheha le kereke, ba ruta letshwelehadi. Ke hona Antiokia moo barutuwa ba qadileng ho bitswa Bakreste teng.


Leha ho le jwalo, Silase a itherela ho sala moo.


Ha Galeo e le mmusisi wa Akaya, Bajuda ba tsohela Paulosi matla ka maikutlo a le mang, mme ba mo isa kgotla,


Paulosi ha a se a hlotse Korinthe matsatsi a mangata, a dumedisa badumedi, a kena ka sekepeng ho tshelela Siria, a ena le Prisilla le Akulase. Ha a le Kenkeria a ikuta lekorana, hobane o ne a entse kano.


Ha Apolosi a ntse a le Korinthe, Paulosi yena a tsamaya hodima dihlaba, a ya fihla Efese, mme a fumana barutuwa ba bang hona teng.


Baranabase a mo nka, a mo isa ho baapostola, mme a ba hlalosetsa kamoo Saule a ileng a bona Morena kateng tseleng, le hore o ile a bua le yena, le kamoo a ileng a bua kateng phatlalatsa Damaseka ka lebitso la Morena.


Ke ka yena re amohetseng neo ya boapostola, e le hore re ise ditjhaba tsohle mamelong e tswang tumelong, ka baka la hae.


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona, mme mohau wa Modimo ho nna ha o a ka wa fetoha lefeela. Ke sebeditse ho feta baapostola bohle, le hoja e se ka bonna, e le ka mohau wa Modimo o ho nna.


Ha ke fihla, ke tla romela bao le ka ba kgethang ka mangolo hore ba ise dimpho tsa lona tsa mohau Jerusalema.


Nna ke ile ka lema, Apolosi yena a nwesetsa, empa ke Modimo ya medisitseng.


Ditabeng tsa tumelo ya lona, re batla ho sebedisana le lona ka mokgwa o le thabisang, e seng ho le qobella; etswe le se le eme le tiile tumelong.


Jwale ke kgodisehile, mme ke a tseba hore ke tla nne ke phele, ke dule le lona bohle, le tle le fumane katleho le thabo tumelong.


Lona le filwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho Kreste, empa le la ho mamella mahloko ka baka la hae.


Ka kolobetso le epetswe le yena, la ba la tsoswa le yena bafung, ka ho tshepa matla a Modimo ya mo tsositseng bafung.


Le dumediswa ke Arisetarekose eo re leng ditlamong le yena, le Mareka motswala Baranabase, eo le seng le fumane ditaelo tse amanang le yena. Mo amoheleng, haeba a ka tla ho lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ