Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 18:26 - BIBELE

26 A qala ho bua ka sebete ka tlung ya thapelo, mme ha Prisilla le Akulase ba mo utlwile ba mo isa ha bona, ba mo hlalosetsa Tsela ya Modimo ka hloko e fetang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 A qala ho bua sinagogeng a sa tshabe letho. Yare ha Akila le Prisilla ba mo utlwa, ba mo nkela ha bona, mme ba mo hlalosetsa tsela ya Modimo, ho feta kamoo a neng a e tseba pele kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

26 A qala ho bua ka sebete ka tlung ya thapelo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 A qala ho bua ka sebete ka tlung ya thapelo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 18:26
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya bohlale a a mamele, a eketse tsebo le kutlwisiso, ya nang le kutlwisiso a fumane tataiso,


Ho kgalengwa ke motho ya bohlale, tsebeng e lethwethwe ke lesale, ke mokgabo wa kgauta e hlwekisitsweng.


Rupela mohlalefi a tla hlalefe haholo, o rute ya lokileng a eketse thuto ya hae.


“Howeletsa haholo, o se ke wa kgaotsa; howa haholo jwalokaha ho letswa lenaka. Bolella setjhaba sa ka ditshito tsa sona, ntlo ya Jakobo o e bolelle dibe tsa yona.


Kannete ke a le bolella, mang le mang ya sa amoheleng Mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, ha a ka ke a kena ho wona.”


“Ke a le bolella hore ho tla newa e mong le e mong ya nang le letho, empa ya se nang letho, le seo a nang le sona o tla se amohuwa.


A qala ka Moshe le ka Baporofeta bohle, a ba qaqisetsa tse amanang le yena, tse Mangolong wohle.


ha motho a rata ho etsa thato ya ya nthomileng, o tla tseba hore na thuto eo e tswa ho Modimo, kapa ke bua ka bonna.


Ka baka leo, bo-Paulosi le Baranabase ba qeta nako e telele ba bua ka sebete ka Morena. Morena a paka bonnete ba lentswe le bolelang mohau wa hae, ka ho ba nea matla a ho etsa mehlolo le dimakatso.


Paulosi ha a se a hlotse Korinthe matsatsi a mangata, a dumedisa badumedi, a kena ka sekepeng ho tshelela Siria, a ena le Prisilla le Akulase. Ha a le Kenkeria a ikuta lekorana, hobane o ne a entse kano.


O ne a rutilwe Tsela ya Morena. A bua ka ho tjheseha moyeng, a ruta ditaba tse amanang le Jesu ka hloko, le hoja a ne a tseba kolobetso ya Johanne feela.


Ka dikgwedi tse tharo Paulosi a nna a kena ka tlung ya thapelo ya Bajuda. A bua ka sebete, a arabisana le bona, mme a ba kgodisa ka tsa Mmuso wa Modimo.


Ha ba se ba mo kgethetse letsatsi, ba bangata ba tla ho yena, moo a dulang teng. A ba hlalosetsa, a paka tsa Mmuso wa Modimo. Ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya a leka ho ba kgodisa ka tsa Jesu, a ipapisitse le Molao wa Moshe le Baporofeta.


Yena a re: “Nka utlwisisa jwang ho se motho ya ntlhalosetsang?” Yaba o kopa Filipi hore a hlwe, mme a dule le yena.


Leihlo le ke ke la re ho letsoho: “Ha ke o hloke;” le hlooho e ke ke ya re ho maoto: “Ha ke le hloke.”


Ho se be ya ithetsang. Ha e mong hara lona a ikgopola hore o na le bohlale ba lefatshe lena, a ke a fetohe sethoto, e le hore a tle a hlalefe.


Haeba motho a lekanya hore o na le tsebo, ha a eso ka a tseba ho ya kamoo a tshwanetseng ho tseba kateng.


Jwale a re tloheleng thuto eo ho qalwang ka yona ya Kreste, re fetele pele ho tse phethehileng, tsa batho ba baholo. Re se ke ra boela ra kgutlela motheong: E leng ho furalla mesebetsi e isang timelong, ho dumela ho Modimo,


Le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona. Ho yena e be tlotla jwale le kamehla yohle. A ho be jwalo!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ