Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 18:24 - BIBELE

24 Moo Efese ha fihla Mojuda e mong ya bitswang Apolosi, ya tswaletsweng Alekesanderia, e le monna wa kgeleke, ya neng a hlalefetse Mangolo ka ho tlala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Mojuda e mong, ya bitswang Apolose, ya tswaletsweng Aleksandria, monna ya hlalefileng, ya tsebang Mangolo haholo, a fihla Efese.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Jwale Mojuda e mong ya bitswang Apolose, ya tswaletsweng Aleksandria, monna ya kheleke puong, ya matla Mangolong, a fihla Efese.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Jwale Mojuda e mong ya bitswang Apolose, ya tswaletsweng Aleksandria, monna ya kheleke puong, ya matla Mangolong, a fihla Efese.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 18:24
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Le tswa ho Aretaseresese, kgosi ya dikgosi, le ya ho moprista Esera, Setsebi sa Molao wa Modimo wa mahodimo: Kgotso e be le wena!


Esera enwa ke yena ya ileng a nyoloha Babilona. E ne e le setsebi sa Molao wa Moshe, oo Morena Modimo wa Iseraele, a ileng a fana ka wona. Kahobane Morena Modimo wa hae, a ne a mo hlohonolofaditse, kgosi Aretaseresese a mo nea tsohle tseo a neng a di kopa.


Jwale Moshe a re ho Morena: “Oho, Morena, ha ke na bokgeleke ba puo. Haesale o qala ho buisana le mohlanka wa hao maobane, ho fihlela kajeno, ke ntse ke se na bokgeleke, hobane ke lehwelea, ke a kokotletsa.”


le molaodi wa bahlabani le lehosana, moeletsi le setsebi sa mesebetsi, le ya hlalefetseng ho upella.


A re ho bona: “Ka baka leo, Setsebi se seng le se seng sa Molao se rutilweng tsa Mmuso wa mahodimo se tshwana le monga ntlo ya ntshang tse ntjha le tsa kgale letlotlong la hae.”


A re ho bona: “Dife?” Ba re ho yena: “Tsa Jesu wa Nasaretha, eo e neng e le monna wa moporofeta ya matla diketsong le dithutong pela Modimo le pela setjhaba sohle,


Jwale ba theohela Efese, moo a ileng a ba siya teng. Empa yena a kena ka tlung ya thapelo, mme a buisana le Bajuda.


a mpa a ba dumedisa, a re: “Ke tla boela ho lona ha Modimo a rata.” A tloha Efese ka sekepe.


hobane o ne a hlola Bajuda pontsheng, ka matla a maholo, a supa ka Mangolo hore Jesu ke Mesia.


Ha Apolosi a ntse a le Korinthe, Paulosi yena a tsamaya hodima dihlaba, a ya fihla Efese, mme a fumana barutuwa ba bang hona teng.


Hona moo molaodi wa ba lekgolo a fumana sekepe se tswang Alekesanderia se yang Italia; a re palamisa ho sona.


Jwale ha hlaha ba bang ba ntlo ya thapelo e bitswang ya Balokollwa, e leng ba Sirene, le ba Alekesanderia, le ba tswang Silesia le Asia, ba phehisana kgang le Setefane.


Moshe a rutwa bohlale bohle ba Baegepeta, mme a ba matla dipolelong le mesebetsing ya hae.


Seo ke se bolelang ke hore e mong wa lona o re: “Nna ke wa Paulosi,” e mong: “Nna ke wa Apolosi,” e mong: “Nna ke wa Kefase,” e mong hape: “Nna ke wa Kreste.”


Ha e le ngwanabo rona Apolosi, ke mo kopile haholo hore a tle ho lona le bana babo rona, empa e ne e se thato ya hae ho hang ho tla hona jwale. O tla tla mohla a fumanang sebaka.


Jwale, bana beso, ke tshwantshitse tsena ka rona le Apolosi ka baka la lona, e le hore le tle le ithute ka rona ho se feteletse se ngotsweng. Ho se be ya itjang ka e mong, empa a nyedisa e mong.


hobane e mong o re: “Ruri mangolo a hae a boima, a matla, empa ha a le teng ka seqo ke dikobo feela, le puo ya hae e a nyediseha.”


Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang.


Hape o potlakele ho thusa Senase le Apolose leetong la bona, ba se ke ba haellwa ke letho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ